Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hopolang mehlolo eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Hopolang mesebetsi e hlollang eo a e entseng, dimakatso tsa hae le kahlolo tsa hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

lona, moloko wa Iseraele, mohlanka wa hae; lona, bana ba Jakobo, bakgethwa ba hae!


Jehova ke yena Modimo wa rona; dikahlolo tsa hae di aparela lefatshe lohle.


Boka Jehova, moya wa ka, o se ke wa lebala ditshitso tsohle tsa hae!


Melomo ya ka e ntse e pheta dikahlolo tsohle tse tswileng molomong wa hao.


TSADE. O lokile, Jehova; dikahlolo tsa hao le tsona di lokile;


Moya wa ka o robehile ke ho hlolohelwa ditaelo tsa hao kamehla.


Jehova, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile, le hore o ntse o tshepeha, leha o nkokobeditse.


Tshebeletso ya Jehova e hlwekile, e hloleha kamehla; dikahlolo tsa Jehova ke nnete, di lokile kaofela;


Empa ke tla hopola diketso tsa Jehova, ke elellwe meeka ya hao ya boholoholo;


mohla o etsang mehlolo fatsheng la Egepeta, le dimakatso naheng ya Tsowane.


Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!


Ka ba ka utlwa lengeloi le leng ka nqa ya aletare, le re: Efela, Morena, Modimo o matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete le tsa ho loka.


hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ