Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ba tlisa areka ya Jehova jwalo, mme ba e bea tenteng eo Davida a e hlometseng yona; ha hlajwa mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Baiseraele ba tla le areka ya Modimo, ba e bea bohareng ba tente eo Davida a e hlometseng yona. Ba etsetsa Modimo dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Salomone o a tsoha, a bona e le toro. A tla Jerusalema, a ema pela areka ya selekane sa Jehova, a hlabela ditjheso, a hlaba le mahlabelo a teboho, mme a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete.


Yaba morena le Baiseraele kaofela ba hlabela Jehova mahlabelo.


Davida a ikgahela matlo motseng wa Davida, mme a lokisetsa areka ya Modimo ditulo, mme a e hlomela tente.


a re ho bona: Le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi; itlhwekiseng, e le lona le banababo lona, mme le late areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele, le e tlise moo ke e lokiseditseng teng.


Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.


Eitse hobane Davida a qetele ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova;


Bara ba Levi ke Gershome, Kehathe, le Merari.


Areka ya Modimo yona, Davida o ne a e latile Kiryathe-Jearime, a e tlisa moo a neng a e lokiseditse tulo; hobane o ne a e hlometse tente Jerusalema.


Tsoha, Jehova, o kene nqalong ya phomolo ya hao, wena le areka ya bokgabane ba hao.


Sehlabelong seo sa teboho, o tla nka seo a tla se etsa sehlabelo se tjheswang ka mollo pela Jehova, e leng mafura, le mohatla kaofela, oo a tlang ho o pomela senokong sa sefutsi, le mohlehlo o apesang mala, le mafura wohle a kgomaretseng mala,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ