Davida a re ho phutheho yohle ya Iseraele: Ha le ka dumela, mme ha taba eo e ka tswa ho Jehova, Modimo wa rona, a re romeleng kahohle ho banababo rona ba ahileng naheng tsohle tsa Iseraele, re romele le ho baprista le Balevi, metseng ya bona le metsaneng ya bona, hore ba tle ba phuthehe le rona.
Empa Nadabe le Abihu ba eshwa pela sefahleho sa Jehova, lefeelleng la Sinai, mohla ba hlahisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova; ba ne ba se na bara; ke ka baka leo boEleasare le Ithamare ba kileng ba tshwara boprista pela Aarone, ntata bona.