Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 15:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke ka thuso ya Modimo Balevi ba tsebileng ho jara areka ya selekane sa Jehova; ba ntoo hlaba dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Kahobane Modimo a ne a ile a thusa Balevi ba jereng areka ya selekane sa Morena, ba etsa nyehelo ka dipohwana tse supileng le dipheleu tse supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 15:26
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Enere ba jereng areka ya Jehova ha ba hatile hatshelela, ho ne ho hlajwa kgomo le namane e nonneng.


Hobane nna keng, mme setjhaba sa ka keng, hore re tle re tsebe ho o ntshetsa ntho tsa rona jwaloka ho rata? Athe tsohle di tswa ho wena, mme ke letsoho la hao le re fileng seo re o neang sona.


Ka baka leo, ntshang jwale dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le ikele ho mohlanka wa ka, Jobo, le hlahise setjheso bakeng sa lona, mme Jobo, mohlanka wa ka, a ke a le rapelle; ke ka baka la hae a nnotshi nke keng ka le otla ka baka la bowatla ba lona; hobane ha le a ka la bolela tsa ka ka ho loka, jwaloka mohlanka wa ka, Jobo.


Hape, ka matsatsi a supileng a mokete, o tla hlabela Jehova dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng tse se nang sekodi, ka mokgwa wa ditjheso, ka tsatsi le leng le le leng ho matsatsi ao a supileng; hape, a hlabe phooko ka tsatsi le leng le le leng, e le sehlabelo sa sebe.


Balaame a re ho Balake: Nkgahele mona dialetare tse supileng, mme o ntokisetse teng dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng.


Ka tsatsi la bosupa, le tla hlahisa dipohwana tse supileng, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng,


Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;


ho ba bang re monkgo wa lefu, o bolayang; ho ba bang re monkgo wa bophelo, o phedisang. Empa ke mang ya ka lokelang tse kalo?


E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;


Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ