Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 15:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba Davida o re: Ha ho ya tshwanetseng ho jara areka ya Modimo haese Balevi; hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare areka ya Modimo le ho etsa tshebeletso ya yona ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 15:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Enere ba jereng areka ya Jehova ha ba hatile hatshelela, ho ne ho hlajwa kgomo le namane e nonneng.


Hape, a re ho Balevi, ba rutang Baiseraele bohle, ba ikgalalleditseng Jehova: Beang areka e halalelang tlung e hahilweng ke Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele. Ha ho sa tla ba phahlo hodima mahetla a lona; jwale, sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


O ntoo kenya mejaro mehweleng, mahlakoreng a areka, ho jara areka ka yona.


Ke tla inkela ba bang ho bona, e be baprista le Balevi, ho bolela Jehova.


Ba tla boloka tse beilweng ho yena, le tse beilweng ho phutheho yohle,


O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.


Empa a se ke a nea bara ba Kehathe letho, kahobane ba ne ba beetswe tshebetso ya ho jara ntho tsa sehalalelo ka mahetla a bona.


Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.


Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.


ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.


Ebile Joshua, mora Nune, o bitsa baprista, a re ho bona: Jarang areka ya selekane, mme baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba eteletse areka ya Jehova pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ