Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 14:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Botumo ba Davida ba hasana naheng tsohle, mme Jehova a mo etsa ya tshajwang ke ditjhaba tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 14:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme ba qhala makgotla a Bafilesta ho tloha Gibea ho isa Gesere.


Ke nnile ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, mme ka o etsetsa lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba leng teng lefatsheng.


Haele Baammone, ba ntshetsa Osiase dinyehelo; mme botumo ba hae ba utlwahala ho fihlela moeding wa Egepeta, hobane a ne a iphile matla ka ho fetisisa.


ha ba utlwa taelo ya ka, ba nkutlwa hanghang, bara ba baditjhaba ba nqeka;


Ha ho ka ke ha eba motho ya emang pela lona; Jehova, Modimo wa lona, o tla kenya letsoso la lona le tshabo ya lona naheng yohle eo le tla e hata ka maoto a lona, jwalokaha a le boleletse.


Kajeno, ke tla qala ho tshollela ditjhaba tse katlasa lehodimo lohle tshoho le tshabo ya hao; etlere ha di utlwa botumo ba hao, di thothomele, mme di tsielehe pela hao.


Jehova a nna a ba le Joshua, mme a tuma lefatsheng lohle.


Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ