Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 14:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Etlare ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba lwantshe, hobane etlaba Modimo o se o o eteletse pele ho ya qhala makgotla a Bafilesta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 E tle ere ha o utlwa mohlwathatsa hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Modimo o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 14:15
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida ha a botsa Jehova, Jehova a re: O se ke wa ya pontsheng; o ba pote kamorao, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.


Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena; o tla utlwa taba, a kgutlele lefatsheng la hae; mme ke tla mo diha ka lerumo naheng ya hae.


Hobane Morena o ne a utlwisitse makgotla a Siria modumo wa makoloi, le modumo wa dipere, le modumo wa bahlabani ba bangata, ba ba ba bolellana, ba re: Bonang, morena wa Iseraele o re memetse marena a Bahethe le marena a Baegepeta.


Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo wa re ho yena: O se ke wa ba latela; o mpe o ba kgelohe, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.


Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme ba qhala makgotla a Bafilesta ho tloha Gibea ho isa Gesere.


Modumo o utlwahala dithabeng, o kang wa tjhaba se seholo; ho utlwahala modumo wa mebuso le wa ditjhaba tse phuthaneng hammoho; Jehova wa makgotla ke yena ya hlahlobang makgotla a dintwa tsa hae.


Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Jwale hang, ha utluwa modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o fokang ka sefefo; ntlo yohle eo ba dutseng ho yona ya tlala wona;


hobane Jehova, Modimo wa lona, o tsamaya le lona ho le lwantshetsa dira tsa lona, le ho le namolela.


Debora a re ho Barake: Raoha, hobane ke lona letsatsi leo Jehova a tla neela Sisera matsohong a hao! Ha ka re, Jehova o o eteletse pele na? Kahoo, Barake a theoha thabeng ya Thabore, a setswe morao ke banna ba kete tse leshome.


Eitse hobane Gideone a utlwe taba tsa toro le hlalosetso ya yona, a inama, a ntoo kgutlela diahelong tsa Baiseraele, a re: Emang, hobane Jehova o neetse diahelo tsa Bamidiane matsohong a lona.


Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Ema, o theohele diahelong, etswe ke di neetse matsohong a hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ