Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 14:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ba futuhela Baale-Peratsime; mme Davida a ba qhala hona teng, a re: Jehova o entse sekgeo ka nna direng tsa ka, jwalokaha metsi a etsa sekgeo lerakong. Ka baka leo, lebitso la teng la bitswa Baale-Peratsime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Yaba Davida o ba futuhela ha ba le Baale-Perasime, mme a ba hlolela hona moo. Jwale Davida a re: “Modimo o phunyeleditse theko ya dira tsa ka ka letsoho la ka, jwaloka metsi ha a phatlola lerako.” Ka baka leo, ba rea sebaka seo lebitso la Baale-Perasime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 14:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o ya Baale-Peratsime, mme Davida a ba qhala teng, a re: Jehova o entse sekgeo direng tsa ka, jwalokaha metsi a ka etsa sekgeo. Ka baka leo, lebitso la teng le bitswa Baale-Peratsime (thota ya dikgeo).


Yaba Davida o botsa Jehova, a re: Na ke tla ya lwantsha Bafilesta? na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho yena: Eya, mme ke tla ba neela matsohong a hao.


Teng, Bafilesta ba lahla ditshwantsho tsa bona; Davida a laela, tsa ba tsa tjheswa mollong.


Ba ntlela jwaloka hola ba kena ka sekheo se ahlameng, ba itihela ka lerata la tshenyo.


Ho bokwe Jehova, lefika la ka, ya rutang matsoho a ka ntwa, le menwana ya ka hlabano;


wena ya neang marena poloko, wena ya namoletseng mohlanka wa hao, Davida lerumong le bolayang.


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


Metsi a boya, a kwahela makoloi le bakalli le lekgotla lohle la Faro le neng le ba lateletse lewatleng; ha ho a ka ha sala le a mong wa bona.


Hobane Jehova o tla ema jwalokaha a entse thabeng ya Peratsime, o tla halefa jwalokaha a entse sekgutlong sa Gibeone, a tle a sebetse mosebetsi wa hae: mosebetsi wa hae ke o makatsang; a etse ketso ya hae: ketso ya hae ke e tsotisang.


mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo, mme ya wa, mme ho wa ha yona ya eba ho hoholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ