Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 14:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Hirame, morena wa Tire, a romela manqosa ho Davida, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa majwe, le dibetli tsa difate, ho mo hahela ntlo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Jwale kgosi Hirame wa Tire a romela maqosa ho Davida; a ba a mo romella le mapolanka a kedare, le dibetli tsa majwe le tsa mapolanka, ho ya mo hahela ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 14:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

morena a re ho moporofeta Nathane: Bona hle, nna ke ahile tlung ya dikedare, athe areka ya Modimo e dutse tlasa masela.


Eitse ha Hirame, morena wa Tire, a utlwa hoba Salomone o tlotsitswe ho ba morena tulong tsa ntatae, a romela bahlanka ba hae ho yena; etswe Hirame a ne a ratile Davida le mehla.


Salomone a roma banna ba dikete tse mashome a supileng ba bajari, le ba dikete tse mashome a robileng meno e mmedi ba betlang majwe dithabeng,


Dihahi tsa Salomone le dihahi tsa Hirame, le ba Gibale ba a betla, ba lokisa difate le majwe a tla haha ntlo.


Mme jwale, laela o re, batho ba hao ba nthomele dikedare Lebanone; bahlanka ba ka ba tla tlatsana le bahlanka ba hao; ke tla o nea moputso wa bahlanka ba hao, kamoo o tla mpolella kateng; hobane o a tseba hoba ha ho motho ho rona ya tsebang ho rema difate jwaloka Basidone.


Davida a tseba kahoo hoba Jehova o mo tiisitse ho ba morena wa Iseraele, le hobane o phahamisitse mmuso wa hae ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.


Eitse Davida ha a se a kene tlung ya hae, Davida a re ho moporofeta Nathane: Bona hle, nna ke ahile tlung ya dikedare, athe areka ya selekane sa Modimo e dutse tlasa masela.


Yaba Davida o laela hore ho phuthwe baditjhaba bohle ba lefatsheng la Iseraele; a bea dibetli ho betla majwe a ho haha ntlo ya Modimo.


Salomone a bala banna ba dikete tse mashome a supileng e be ba jarang dintho, le ba dikete tse mashome a robileng meno e le mmedi, e be ba betlang majwe dithabeng, le ba dikete tse tharo tse nang le makgolo a tsheletseng, e be balebedi ba bona.


Hape, Salomone a romela ho Hurame, morena wa Tire, a re: Nketsetse kamoo o etseditseng ntate Davida kateng, eo o kileng wa mo romela dikedare tsa ho ikgahela ntlo ya ho dula ho yona.


Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ