Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Davida le Baiseraele kaofela ba ne ba letsa pela Modimo ka matla wohle a bona, ba bina ka diharepa, le diviole, le meropa, le disimbala, le diterompeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko ka sefutho se seholo, ba le kapele ho Modimo. Ba letsa diharepa, le dikatara, le meropa, le matlheretlhere, le diterompeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 13:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, ntlisetseng moletsi wa harepa. Yare ha moletsi wa harepa a letsa harepa, letsoho la Jehova la eba hodima Elisha.


Baiseraele bohle ba lata areka ya selekane sa Jehova jwalo ka ditlatse le ka ho letsa diphala, ka diterompeta le disimbala, le ka ho letsa diviole le diharepa.


Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.


E moholo e ne e le Asafe; ba mo hlahlamang ke Sakaria, le Jeiele, le Shemiramothe, le Jehiele, le Matthithia, le Eliabe, le Benaia, le Obed-Edomo, le Jeiele, ba tshwere diletsa, le diviole, le diharepa; Asafe yena o ne a letsa disimbala.


balebedi ba menyako ba ke ba etse dikete tse nne, mme ba kete tse nne e be ba tla rorisa Jehova ka diletsa tseo ke di entseng hore a roriswe ka tsona.


Ba kena Jerusalema, ka tlung ya Modimo, ka diviole le diharepa le diterompeta.


le Balevi kaofela, e leng dibini, boAsafe, le Hemane, le Jeduthune, le bara ba bona le banababo bona, ha ba ntse ba eme ka nqa botjhabela ho aletare, ba apere lene e ntle, ba tshwere disimbala, le diviole, le diharepa, ba ena le baprista ba lekgolo le mashome a mabedi ba letsang diterompeta;


Modimo o nyoloha ka mehoo ya thabo, Jehova o phahama ka modumo wa terompeta.


ka thomo e kgole tse leshome le ka pesalterine, ka harepa e modumo o monate.


Tlosetsang lerata la dipina tsa lona hole le nna; nke ke ka mamela modumo wa diharepa tsa lona.


Ba ntse ba bina dipina tsa bosawana modumong wa diharepa; ba iqapela mesebetsi e tidinngwang, jwaloka Davida.


Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ