Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 13:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Davida le Iseraele kaofela ba nyolohela Baala, e leng Kiryathe-Jearime wa Juda, ho lata teng areka ya Modimo Jehova, ya dutseng hodima dikerubime, e leng yona areka eo lebitso la Jehova le rapelwang ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Jwale Davida le Baiseraele bohle ba nyolohela Baala, e leng hona Kiriate-Jearime e Juda, ho ya lata areka ya Morena Modimo, ya dutseng hodima dikerubime, e leng areka eo a tla kgumamellwa ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 13:6
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esale mohla ke ntshang setjhaba sa ka sa Iseraele Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; ke mpa ke kgethile Davida ho ba morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Esekiase a rapela pela Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; o entse mahodimo le lefatshe.


Sekeha tsebe, modisa wa Iseraele; wena ya tsamaisang Josefa jwalokaha ho tsamaiswa mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime, hlaha kganyeng ya hao!


Jehova o a busa, merabe e a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a thekesela.


Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.


O ke o itise ka baka la lona, o mamele lentswe la lona. O se ke wa ikgantshetsa lona, hobane le ke ke la o tshwarela boikgantsho ba hao, etswe lebitso la ka le le ho lona.


Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.


Oho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, wena ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe!


Ke ka mokgwa o jwalo ba tla bea lebitso la ka hodima bana ba Iseraele, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.


Ha Moshe a ne e kena tenteng ya pokano ho bua le Jehova, o ne a utlwa lentswe le buang le yena, le tswang pakeng tsa dikerubime tse pedi, sekwahelong se hodima areka ya bopaki; mme o ne a bua le yena.


Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, le Rabba: ke metse e mmedi le metsana ya yona.


Moedi o seha ho tloha qhoweng ya thaba ho isa sedibeng sa metsi a Nefthoa, o fihle metseng ya thaba ya Efrone; o ntoo lebiswa Baala, e leng Kiryathe-Jearime.


Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.


Ebile setjhaba se romela Silo, ho ya lata teng areka ya selekane sa Jehova wa makgotla ya dutseng hara dikerubime; bara ba babedi ba Eli, Hofni le Finease, ba ne ba le teng le areka ya selekane sa Modimo.


Ha ho le jwalo, ba romela manqosa ho ba ahileng Kiryathe-Jearime, ba re: Bafilesta ba busitse areka ya Jehova; theohang, le itatele yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ