Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 13:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Davida o phutha Baiseraele kaofela, ho tloha Shihore wa Egepeta ho tla fihla pela Hamathe, hore areka ya Modimo e tle e latwe Kiryathe-Jearime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Yaba Davida o kgobokanya Baiseraele bohle, ho tloha nokeng ya Shihore e Egepeta, ho ya fihla kgorong ya Hamate, hore ba yo lata areka ya Modimo, Kiriate-Jearime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 13:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a boela a phutha ba kgethilweng bohle ba bahlabani ba Iseraele, a etsa dikete tse mashome a mararo.


Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


Mohlang oo, Salomone a etsa mokete a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata pela Jehova, Modimo wa rona, ho tloha pela Hamathe ho tlisa molapong wa Egepeta, ka matsatsi a supileng a nang le matsatsi a mang a supileng, e le matsatsi a leshome le metso e mene.


Morena wa Babilona a ba bolaya, a ba timetsa Ribla, naheng ya Hamathe. Bajuda ba tloswa jwalo lefatsheng la bona, ba iswa kgolehong.


Phutheho yohle ya rera hore ho etswe jwalo; etswe taba eo e ne e bile e kgahlehang mahlong a setjhaba sohle.


Davida le Iseraele kaofela ba nyolohela Baala, e leng Kiryathe-Jearime wa Juda, ho lata teng areka ya Modimo Jehova, ya dutseng hodima dikerubime, e leng yona areka eo lebitso la Jehova le rapelwang ho yona.


Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.


Koro ya noka e ntsho e neng e etla ka metsi a maholo, ke re, kotulo ya Nile e ne e le maruo a teng, motse oo e ne e le moo ho rekwang teng ke ditjhaba.


Mme jwale, o elang ka tsela ya Egepeta ho nwa metsi a Nile? O elang ka tsela ya Assiria ho nwa metsi a Eufrate?


Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.


Ha ho le jwalo, ba romela manqosa ho ba ahileng Kiryathe-Jearime, ba re: Bafilesta ba busitse areka ya Jehova; theohang, le itatele yona.


Ebile banna ba Kiryathe-Jearime ba tla, ba lata areka ya Jehova, ba e isa tlung ya Abinadabe, e leralleng, mme ba kgetha Eleasare mora wa hae, hore a boloke areka ya Jehova.


Ha ho le jwalo, areka ya Jehova ya dula Kiryathe-Jearime matsatsi a mangata, ya eba dilemo tse mashome a mabedi. Mohlang oo, bohle ba ntlo ya Iseraele ba hlolohelwa Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ