Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ho Bagade ha tloha bahale ba tshwanelang ntwa ho ya e lwana, ba hlometseng thebe le lerumo; mahlo a bona a ne a tshwana le a ditau, ka lebelo ba ne ba le jwaloka matsa dithabeng; ba ne ba tlile ho Davida, ha a le seqhobong:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ba bang ba morabe wa Gade ba fetohela ka ho Davida ha a le qhobosheaneng e lehwatateng. E ne e le banna ba dinatla, ba matsholathebe, ba tsebang ho lwana ka thebe le lerumo. Difahleho tsa bona di ne di ka tsa ditau, ba le lebelo jwaloka dikgama tsa thaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:8
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.


Ha ho le jwalo, esita le eo e leng senatla, eo pelo ya hae e kang pelo ya tau, o tla fokola haholo, etswe Baiseraele bohle ba tseba hobane ntatao ke mohale, le hobane banna bao a nang le bona ba matla ntweng.


Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.


E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora mohale e mong wa Kabtseele; a ba moholo ka diketso tsa hae. A bolaya tau tse pedi tse matla tsa Moabe; a boela a theoha, a bolaya tau e nngwe lemeneng, mohla lehlwa le kgethehang.


Mohlang oo, Davida o ne a le seqhobong, mme sehlopha sa Bafilesta se ne se le teng Bethlehema.


E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora monna wa senatla wa Kabsteele, ya neng a entse diketso tse kgolo. A bolaya tau tse pedi tsa Moabe; hape, ke yena ya neng a theohe, a ya bolaya tau ka lemeneng, e le mohla lehlwa le kgethehang.


Ho bara ba Benjamine le ba Juda, ha tla ba bang, ba fihla ho Davida seqhobong.


le Joela, le Sebadia, bara ba Jerohame wa Gedore.


Esere ke wa pele ho bona; wa bobedi ke Obadia, wa boraro ke Eliabe;


Amatsia a phutha Bajuda, mme a ba lokisa ka matlo a bontata bona, a bea balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo hodima Juda le Benjamine kaofela; a bala palo ya ba nang le dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, mme a fihlela banna ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mararo, ba loketseng ntwa, ba tshwereng lerumo le thebe.


Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.


O phonyohe jwaloka tshephe mameneng, le jwaloka nonyana lerabeng la setsomi.


Moratuwa wa me, baleha, o lekise tshephe, leha e le namane ya kgama, dithabeng tsa menkwane!


Palamang dipere; makoloi, mathang ka ho kgema; bahale ba ke ba nehele, e leng Baethiopia le Baputhe ba tshwereng thebe, le Balude ba tshwereng seqha, ba fula ka sona.


Haele Davida, a ya dula feelleng diqhobong, a dula thabeng, feelleng la Sife; leha Saule a ne a ntse a mmatla ka matsatsi wohle, Modimo ha o a ka wa mo neela matsohong a hae.


Yaba Davida o tloha teng, a ya diqhobong tsa Ene-Gedi.


Ebile Davida o hlapanyetsa Saule, Saule a ntoo kgutlela hae, Davida yena le banna ba hae ba boela diqhobong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ