Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Esita le ba neng ba le haufi, jwaloka Baissaskare, le Basabulone, le Banefthali, ba tlisa dijo, ba di belesitse diesele, le dikamele, le dimulete, le dipholo, e le mahobe, le diphofo, le dinkgwa tsa difeiye tse omeletseng le tsa merara e omeletseng, le veine, le ole, le dikgomo le dinku tse ngata; hobane ho ne ho thabilwe ke Baiseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 Le ba neng ba le haufi le bona, e leng ba merabe ya Isakare, le Sebulone, le Nafthali, ba ba tlisetsa dijo ba di bofile ditonking, le dikameleng, le dimmeileng, le dipeleseng: phofo, le diphaphatha tsa mangangajane a feiye, le diphaphatha tsa mangangajane a morara, le veine, le ole, le dipholo le dinku. Tsena ba di tlisa ka bongata, hobane Baiseraele ba ne ba thabile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:40
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane Davida a fete hloro ya thaba hanyenyane, ha fihla Tsiba, mohlanka wa Mefiboshethe, a tla kgahlanyetsa Davida, a tla le diesele tse pedi tse belesitseng makgolo a mabedi a mahobe, le lekgolo la dinkgwana tsa morara wa lengangajane, le lekgolo la mangata a difeiye, le lekuka la veine.


Batho bohle ba mo latela, ba letsa diphala, ba nyakaletse haholo, lefatshe la ba la reketla ke modumo wa bona.


Setjhaba sohle sa naha sa thaba, motse wa dula ka kgotso leha ho ne ho tswa bolawa Athalia ka lerumo pela ntlo ya morena.


Ba dula teng ho Davida matsatsi a mararo, ba ntse ba eja, ba enwa; hobane banababo bona ba ne ba ba lokiseditse tsohle.


Yaba Davida o etsa morero le balaodi ba dikete le ba makgolo, e le mahosana wohle a setjhaba.


Ba eja, ba enwa pela Jehova tsatsing lona leo ka thabo e kgolo; ba boela ba bea Salomone, mora Davida, morena la bobedi, ba mo tlotsa pela Jehova, hore e be motsamaisi wa setjhaba, mme Tsadoke a bewa moprista.


Ha ba lokileng ba atleha, motse o a thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke ditlatse feela.


Mohla ba lokileng ba atang, setjhaba se ye se thabe; empa mohla ho busang e mobe, setjhaba se ye se lle.


Yaba Jehova o re ho nna: O boele o ye, o rate mosadi ya ratwang ke molekane wa hae, leha a feba, jwalokaha Jehova a rata bana ba Iseraele, leha bona ba retelehela ho medimo esele, mme ba rata dinkgwa tsa morara.


Ha ho le jwalo, Abigaile a phakisa a nka makgolo a mabedi a dipolokwe, le makuka a mabedi a veine, le nku tse hlano tse seng di lokisitswe, le ditekanyo tse hlano tsa diqhome, le lekgolo le le leng la merara, le makgolo a mabedi a dinkgwa tsa difeiye, a di belesa dieseleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ