Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Ba dula teng ho Davida matsatsi a mararo, ba ntse ba eja, ba enwa; hobane banababo bona ba ne ba ba lokiseditse tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 Bana bohle ba qeta matsatsi a mararo ba ena le Davida, ba ntse ba eja, ba enwa tseo bana babo bona ba neng ba ba lokiseditse tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:39
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o ba etsetsa mokete, ba eja, ba enwa.


Jakobo a hlaba sehlabelo thabeng, a bitsa bahabo ho tla ja bohobe; yaba ba ja bohobe, ba robala thabeng.


Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Banna bohle ba Juda ba fetola banna ba Iseraele, ba re: Ke kahobane morena o haufi haholo le rona ka ho tswalwa; le halefetseng ka taba ena na? Na le ho ja, re jele tsa morena, kapa na o re neile dimpho na?


A ba a abela setjhaba sohle, e leng bongata bohle ba Iseraele, banna le basadi, e mong le e mong, polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama e besitsweng, le senkgwa sa morara. Setjhaba sa ntoo ikela e mong hae ha hae.


Ke tsena dihlooho tsa banna ba bahale ba Davida, ba nnileng ba mo emela boreneng ba hae, ba ena le Baiseraele bohle, ba tle ba mmee morena, ka polelo e neng e boletswe ke Jehova bakeng sa Iseraele.


Bao kaofela, e leng banna ba ntwa, ba tsebang ho ema ka ho itlhopholla, ba tla Hebrone ka pelo tse phethehileng, ho bea Davida morena wa Baiseraele bohle; le Baiseraele ba bang bohle ba ne ba le pelo e le nngwe ho bea Davida morena.


Esita le ba neng ba le haufi, jwaloka Baissaskare, le Basabulone, le Banefthali, ba tlisa dijo, ba di belesitse diesele, le dikamele, le dimulete, le dipholo, e le mahobe, le diphofo, le dinkgwa tsa difeiye tse omeletseng le tsa merara e omeletseng, le veine, le ole, le dikgomo le dinku tse ngata; hobane ho ne ho thabilwe ke Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ