Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Bao kaofela, e leng banna ba ntwa, ba tsebang ho ema ka ho itlhopholla, ba tla Hebrone ka pelo tse phethehileng, ho bea Davida morena wa Baiseraele bohle; le Baiseraele ba bang bohle ba ne ba le pelo e le nngwe ho bea Davida morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Bahlabani bana bohle, ba neng ba ema thekong ya ntwa, ba fihla Heborone ba ikemiseditse ho bea Davida hore e be kgosi ya Iseraele. Le Baiseraele bohle ba ne ba le maikutlo a le mang a hore Davida a bewe, e be kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:38
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone, hobane a tsofale, basadi bao ba hae ba kgelosetsa pelo ya hae medimong esele, mme pelo ya hae ha e a ka ya hlola e eba ya Jehova, Modimo wa hae, kaofela ha yona, jwaloka pelo ya ntatae Davida.


Pelo tsa lona tsohle ha e ke e be tsa Jehova, Modimo wa rona, le tle le tsamaye ka melao ya hae, le boloke taelo tsa hae, jwaloka kajeno.


Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


Ho Basabulone, ha tla ba dikete tse mashome a mahlano, ba tsebang ho futuha, ba hlometseng dibetsa tsohle tsa ntwa, ba tsebang ho ema ka makgotla, ba se nang pelo tse pedi.


Ho ba mose ho Jordane, e leng Barubene le Bagade le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha tla ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi, ba hlometse dibetsa tsohle tsa ntwa.


Ba dula teng ho Davida matsatsi a mararo, ba ntse ba eja, ba enwa; hobane banababo bona ba ne ba ba lokiseditse tsohle.


Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.


Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ