Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ho bana ba Issaskare, ba neng ba ithutile ho kgetha dinako ho tseba seo Baiseraele ba tshwanetseng ho se etsa, ha tla mahosana a bona a makgolo a mabedi, hammoho le banababo wona kaofela ba leng taolong ya wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Ba morabe wa Isakare, ba neng ba tseba ditaba tsa mehla eo, ba tseba le seo Iseraele e lokelang ho se etsa, e ne e le baetapele ba makgolo a mabedi, e le bona ba laolang bang ka bona bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:32
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Issaskare ke esele e matla e bothileng kahara masaka;


Ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha tla ba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba thontsweng ka mabitso ho ya bea Davida morena.


Melokong ya bona, ha ho uwa ka matlo a bontata bona, ba ne ba ena le dihlopha tsa bahlabani ba lwanang, ba etsang batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng; ba ne ba na le basadi le bana ba bangata.


Yaba morena o bua le babohlale ba tsebang dinako, — hobane taba efe le efe ya morena e ne e buwa jwalo pela bohle ba tsebang ditaelo le ditokelo;


Bohlale ba motho ya masene bo mo bontsha tsela ya hae, empa bosawana ba setseketseke bo a se thetsa.


Ya bohlale o na le matla, ya rutehileng o na le matla a maholo;


Bohlale bo nea ya bohlale matla, ho ena le balaodi ba leshome ba ka motseng.


Bohlale bo molemo ho ena le dihlomo, empa moetsadibe a le mong o senya monono o mongata.


Kahoo, matsatsi a hao a tla tiya, monono o be teng wa poloko le bohlale le tsebo; ho tshaba Jehova e tla ba leruo la Juda.


Lentswe la Jehova le howeletsa motse. Ya bohlale o tla hlokomela lebitso la hao, ha o re: Elang thupa hloko le ya e laelang.


Kameso le re: Kajeno le tla duma, hobane lehodimo le bofubedu bo botsho. Baikaketsi, ha le tseba ho lemoha tshobotsi ya lehodimo hantle, le sitwa keng ho lemoha dipontsho tsa mehla ena na?


Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.


Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ