Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le mohla a yang Tsiklage, Bamanasse ba ileng ba fetela ho yena ke bana: ke Adna, Josabade, Jediaele, Mikaele, Josabade, Elihu, le Tsilthai, balaodi ba dikete tsa Manasse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Yare ha Davida a eya Sikelage banna bana ba morabe wa Manase ba fetohela ka ho yena: Adenake, le Josabada, le Jediaele, le Mikaele, le Josabada, le Elehu, le Siletai. E mong le e mong wa bona e ne e le molaodi wa bahlabani ba sekete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:20
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho Bamanasse, ba bang ba theohela ho Davida, mohla a futuhelang Saule, a ena le Bafilesta; empa ha ba ka ba ba tlatsa; eitse hobane marena a Bafilesta a eletsane, a mo kgutlisa, a re: A ka fetela ho Saule, hlooho tsa rona tsa kena tsietsing.


Ba tlatsa Davida ho lwantsha Baamaleke, etswe kaofela ha bona e ne e le bahale; mme ba bewa balaodi ba makgotla.


O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.


Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.


Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.


Ka baka leo, Davida le banna ba hae ba tsoha e sa le hosasa, hore ba kgutlele naheng ya Bafilesta; Bafilesta bona ba ya Jisreele.


Marena a Bafilesta a mpa a re: Baheberu bao ba etsang moo? Akishe a re ho marena a Bafilesta: Na eo hase Davida, mohlanka wa Saule, morena wa Iseraele, ya nnileng a dula le nna, e se e le ditshiu tse itseng le lemo tse itseng, eo ke esong ho fihlele molato ho yena, haesale a kwenehela ho nna, ho fihlela la kajeno?


Marena a Bafilesta a mpa a mo halefela, mme marena a Bafilesta a re ho yena: Kgutlisa monna eo, a kgutlele moo o mmeileng teng, a se ke a ya ntweng le rona, esebe mohlomong a ka tshoha a iphetola lehlabaphio ho rona hara ntwa. Ana e ka ba ka mokgwa ofe a ka iketsang ya kgahlisang monga hae, haese ka dihlooho tsa banna bana na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ