Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Jwale Moya wa Modimo wa theohela hodima Amasai, molaodi wa ba mashome a mararo, mme a re: “Oho, Davida, re ba hao, re ba hao, mora wa Jese! Kgotso e ke e be le wena, kgotso ho bathusi ba hao, hoba o thuswa ke Modimo wa hao.” Yaba Davida o a ba amohela, mme a ba etsa balaodi ba mabothwana a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:18
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ittai a fetola morena, a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka morena, monga ka, ya utlwang, leha morena, monga ka, a ka ba kae le kae, leha e le ho shweng, leha e le ho pheleng, mohlanka wa hao le yena o tla ba hona teng.


Tulong tsa Joabe, Absalome a bea Amasa molaodi wa makgotla. Amasa eo e ne e le mora motho ya bitswang Jithra, Moiseraele, ya neng a kene ho Abigaile, moradi wa Nahashe, ngwanabo Tseruja, mma Joabe.


Le ho Amasa le re: Na ha o masapo a ka le nama ya ka na? Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa bewe molaodi wa makgotla a ka kamehla, tulong tsa Joabe.


Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.


Salomone a mpa a se ke a kgetha makgoba hara bana ba Iseraele; ya eba bahlabani, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le balaodi ba makgotla a hae, le batsamaisi ba makoloi a hae, le bakalli ba hae.


A tloha teng, a kopana le Jonadabe, mora Rekabe, a tlile ho mo kgahlanyetsa. A mo dumedisa, a re ho yena: Na pelo ya hao e tshweu, jwalokaha pelo ya ka e le tshweu bakeng sa pelo ya hao na? Jonadabe a re: E tshweu. Yena a re: Ha ho le jwalo, nnee letsoho la hao. A mo neela letsoho la hae. A mo neela letsoho la hae, a mo nyollela koloing.


Monga ntlo le mong a motse le baholo le bahodisi, ba romela ho Jehu, ba re: Re bahlanka ba hao, re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona; re ke ke ra bea e mong morena; etsa kamoo o ratang kateng.


Jehu a lelaletsa mahlo a hae sefensetereng, a re: Ke mang ya nkemelang, ke mang? Balebedi ba babedi, kapa ba bararo, ba mo sheba.


Ke ena palo ya bahale bao Davida a neng a na le bona. Jashobeame, mora Hakmoni, ke hlooho ya dinatla. A lwantsha banna ba makgolo a mararo ka lerumo la hae, a ba bolaya ka nako e le nngwe.


Davida a ya ba kgahlanyetsa, a bua, a re ho bona: Ha ekaba le tlile ho nna ka kgotso ho ntlatsa, le nna pelo ya ka e tla kopana le lona; ha le mpa le tlile ho nkeka hore le nneele direng tsa ka, leha ho mpa ho se bokgopo matsohong a ka, Modimo wa bontata rona o ke o bone, mme o re ahlolele.


Abigaile a tswala Amasa; ntata Amasa ke Jethere, Moishmaele.


O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Tshiung tseo, banna ba leshome ba dipuo tsohle tsa ditjhaba ba tla itshwarella ka moseho wa kobo ya monna wa Mojuda, ba re: Re tla ya le lona, hobane re utlwile hoba Jehova o na le lona.


Ya sa ntwaneleng, o a ntwantsha; le ya sa bokolleng le nna, o a hasanya.


Mme haele bohle ba tlang ho ya ka molao oo, kgotso le mohau di be ho bona, le ho Iseraele wa Modimo.


Moya wa Jehova wa qala ho mo sisinya, a le Mahane-Dane, mahareng a Tsorea le Eshthaole.


Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime.


Gideone a apeswa moya wa Jehova, a ba a letsa terompeta, mme Baabiesere ba memelwa ho yena ka mokgosi.


Ruthe a re: O se ke wa mphehella hore ke o siye, ke tlohele ho ya le wena; hobane ke tla ya moo o yang, ke dule moo o dulang; tjhaba sa hao ke tjhaba sa ka, mme Modimo wa hao ke Modimo wa ka.


Samuele a etsa ka polelo ya Jehova; a ya Bethlehema. Ebile baholo ba motse ba mo kgahlanyetsa ba tshohile, ba re: Na o tlile ka kgotso na?


A re: Ke tlile ka kgotso ho hlabela Jehova; le ke le itokise, re ye le lona sehlabelong. A lokisa Jese le bara ba hae, mme a ba biletsa sehlabelong.


Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pela hae: Oho, Babenjamine, utlwang hle! Ana le re, mora Jese o tla le nea bohle masimo le merara, kapa a le bee bohle balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo,


Jehova a ahlole mahareng a ka le wena, Jehova a mpheteletse ho wena! Haele letsoho la ka, le ke ke la eba ho wena.


Jwalokaha maele a baholo, a re: Ho bakgopo ho tswa bokgopo; ha ho le jwalo, letsoho la ka le ke ke la eba ho wena.


Eitse hobane Davida a qetelle ho bua taba tseo ho Saule, Saule a re: Na ke lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Saule a ntoo phahamisa lentswe la hae, a lla.


O tla bea ba bang balaodi ba dikete, le balaodi ba mashome a mahlano; ba bang ba tla mo lemela, ba mo kotulele; ba bang ba tla mo etsetsa dibetsa tsa ntwa, le mesebetsi ya makoloi a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ