Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Davida a ya ba kgahlanyetsa, a bua, a re ho bona: Ha ekaba le tlile ho nna ka kgotso ho ntlatsa, le nna pelo ya ka e tla kopana le lona; ha le mpa le tlile ho nkeka hore le nneele direng tsa ka, leha ho mpa ho se bokgopo matsohong a ka, Modimo wa bontata rona o ke o bone, mme o re ahlolele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Davida a ya ba kgahlanyetsa, a re ho bona: “Haeba le tlile ka kgotso, ho tla nthusa, ke tla le kgomarela, empa haeba le tlile ho tla nkekela dira tsa ka, leha ke se na molato, Modimo wa bo-ntata rona o tla le bona, a le otle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:17
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hojane Modimo wa ntate, Modimo wa Abrahama, o tshajwang ke Isaaka, o se ke wa eba le nna, o ka be o nkgutlisitse ke le feela. Modimo o bone ho hloreha ha ka, le ho kgathala ha diatla tsa ka, mme o o kgalemetse maobane.


Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Nakore, Modimo wa bontata bona o re ahlolele. Yaba le Jakobo o hlapanya ka ya tshajwang ke Isaaka, ntatae.


Mohlang oo, Adonija, mora Haggithe, a tla ho Bathe-Sheba, mmae a Salomone. Yena a mmotsa, a re: Na o tlile ka kgotso na? A araba, a re: E, ke tlile ka kgotso.


A tloha teng, a kopana le Jonadabe, mora Rekabe, a tlile ho mo kgahlanyetsa. A mo dumedisa, a re ho yena: Na pelo ya hao e tshweu, jwalokaha pelo ya ka e le tshweu bakeng sa pelo ya hao na? Jonadabe a re: E tshweu. Yena a re: Ha ho le jwalo, nnee letsoho la hao. A mo neela letsoho la hae. A mo neela letsoho la hae, a mo nyollela koloing.


Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.


Ho bara ba Benjamine le ba Juda, ha tla ba bang, ba fihla ho Davida seqhobong.


Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


Tsoha, Jehova! ka bohale ba hao o phahamele ho itshena ha bao e leng dira ho nna! Tsoha, o nkemele, o laele kahlolo!


Jehova, mpontshe tsela ya hao, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao! o tlamelle pelo ya ka yohle le tshabo ya lebitso la hao!


Ke tla ba nea pelo e le nngwe le mokgwa o le mong wa ho ntshaba kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona kamora bona.


Jehova a re ho Satane: Jehova a ke a o kgalemele, Satane! Jehova ya ikgethetseng Jerusalema a o kgalemele! Enwa na hase lefatsa le ntshitsweng mollong?


Bongata bohle ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong feela; ho ne ho se motho ya reng, dintho tseo a nang le tsona ke tsa hae, empa dintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bona bohle.


Ke a le rapela, banabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le nngwe; dikgaohano di se ke tsa eba teng hara lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le kgopolong e le nngwe.


Ha ke qetella, banabeso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tshedisane, le be le kgopolo e le nngwe, le dule ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona.


Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,


enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;


Athe haele arekangeloi Mikaele, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolose, o tshabile ho mo ahlola ka nyefolo, a mpa a re: Morena a o kgalemele!


Samuele a etsa ka polelo ya Jehova; a ya Bethlehema. Ebile baholo ba motse ba mo kgahlanyetsa ba tshohile, ba re: Na o tlile ka kgotso na?


Eitse hobane Davida a qetelle ho bua le Saule, pelo ya Jonathane ya holehana le pelo ya Davida, mme Jonathane a mo rata, jwalokaha a ithata.


Ebile Jonathane o hlaba selekane le Davida, hobane a ne a mo rata jwalokaha a ithata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ