Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 11:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Leha e le maoba le maobane, Saule ha e sa ntse e le morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele, le ho ba orosetsa hae. Le Jehova, Modimo wa hao, o o boleletse, a re: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena Modimo wa hao, a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 11:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.


Le kahohle moo ke tsamaileng hammoho le bana bohle ba Iseraele, na nkile ka bolela taba leha e le ho e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke ba laetseng ho disa setjhaba sa ka sa Iseraele, ka re: Na ha le nkgahele keng ntlo ya dikedare na?


Tsamaya, o re ho Jeroboame: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke o phahamisitse hara setjhaba, ka o bea modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele;


O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


a mo tlosa dinkung tsa ditswetse, e tle e be modisa wa Jakobo, setjhaba sa hae, le wa Iseraele, lefa la hae.


O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.


Bonang, ke mo ntshitse ho ba paki ho ditjhaba, e be motsamaisi le molaodi wa ditjhaba.


Ke tla le nea badisa ba nkgahlisang, ba le alose ka tsebo le ka kelello.


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Yena o tla ema, a dise ka matla a Jehova le ka kganya ya lebitso la Jehova, Modimo wa hae, mme ba tla phomola, hobane jwale o tla ba moholo ho isa pheletsong ya lefatshe.


ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.


Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ere hobane a ntshe dinku tsa hae, a di etelle pele, mme dinku di mo latele, kahobane di tseba lentswe la hae.


Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a mo tlotsa hara banababo, mme moya wa Jehova wa tshwara Davida, ho qala tsatsing lona leo. Samuele a ntoo tloha, a ikela Rama.


Saule a mo tlosa ho yena ke hona, a mmea molaodi wa sekete. Davida o ne a etswa, a boela a orohe pontsheng ya setjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ