Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 11:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 a re: Ka Modimo wa ka, ha nka ke ka etsa hoo. Na ke be nka nwa madi a banna bao ba ileng ba tetse bophelo ba bona na? Hobane ba a tlisitse, ba sa re letho ka bophelo ba bona, A hana ho a nwa ke hona. Hoo ha etswa ke dinatla tseo tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 a re: “Modimo wa ka a nthuse ke se ke ka etsa ntho ena. Na nka nwa madi a banna bao ba ileng ba ipea kotsing?” Ba ne ba ile ba ipea kotsing ka ho ya kga metsi, ka baka leo, a se ke a a nwa. Tsena di ile tsa etswa ke bahale bana ba bararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 11:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba yona, ke ho re, madi a yona.


a re: Oho Jehova, a nke ke se ke ka etsa hoo; ha ke re, ke madi a banna bao ba ileng, ba tedile ho phela ha bona? Kahoo, a hana ho a nwa. Hoo ha etswa ke bahale bao ba bararo.


Nabothe a re ho Akabe: Ka Jehova, ha nka ke ka o nea lefa la bontate.


Yaba ba bararo bao ba phunyeletsa hara diahelo tsa Bafilesta, ba ekga metsi sedibeng sa Bethlehema se pela kgoro, mme ba a nka, ba tla le wona ho Davida; empa Davida a hana ho a nwa, a mpa a a tshollela Jehova;


Abishai, moena Joabe, e ne e le hlooho ya ba bararo bao. A lwantsha banna ba makgolo a mararo ka lerumo la hae, a ba bolaya, mme a iketsetsa lebitso hara ba bararo bao.


ha ekaba batho ba ntlo ya ka ba ne ba sa bue, ba re: O kae ya sa kang a kgora dijo tafoleng ya hae?


o tla ba lwela bohorohosong le botubong, madi a bona e be ntho e hlokwang mahlong a hae.


Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.


A re ho bona: Hona ke madi a ka, a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata.


Hobane nama ya ka ke sejo kannete, mme madi a ka ke seno kannete.


ba kileng ba ntella dihlooho tsa bona ho mpholosa; mme hase nna feela ke ba lebohang, ba lebohuwa le ke dikereke tsohle tsa baditjhaba.


Mme le rona re ipeile dikotsing keng ka dinako tsohle?


Sabulone le Nefthali ke tsona ditjhaba tse sa kang tsa re letho ka lefu, mohla ho lwanwang diphahameng tsa naha.


etswe ntate a le lwanetse, a sa re letho ka bophelo ba hae, a le namolela matsohong a Bamidiane;


O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ