Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 11:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba ba bararo bao ba phunyeletsa hara diahelo tsa Bafilesta, ba ekga metsi sedibeng sa Bethlehema se pela kgoro, mme ba a nka, ba tla le wona ho Davida; empa Davida a hana ho a nwa, a mpa a a tshollela Jehova;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Jwale bahale ba bararo ba phunyeletsa mabotho a Bafilesita, ba ya kga metsi sedibeng sa Betlelehema se pela kgoro ya motse. Ba ekga metsi ao, ba a isa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe e le nyehelo ho Morena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 11:18
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bahale bao ba bararo ba ya, ba phunyaka makgotla a Bafilesta, ba ya kga metsi sedibeng sa Bethlehema se kgorong; ba a kga, ba tla le wona ho Davida; a mpa a hana ho a nwa, a a tshollela Jehova,


Ke ha Davida a qala ho lakatsa, a re: Ke mang ya tla nnosa metsi a sediba sa Bethlehema se pela kgoro?


a re: Ka Modimo wa ka, ha nka ke ka etsa hoo. Na ke be nka nwa madi a banna bao ba ileng ba tetse bophelo ba bona na? Hobane ba a tlisitse, ba sa re letho ka bophelo ba bona, A hana ho a nwa ke hona. Hoo ha etswa ke dinatla tseo tse tharo.


O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.


O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?


Ba phuthehela Mitspe. Teng, ba ekga metsi, mme ba a tshollela pela Jehova, mme ba itima dijo tsatsing leo, ba re: Re sitetswe Jehova. Mme Samuele a ahlolela bana ba Iseraele Mitspe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ