Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 11:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke ha Davida a qala ho lakatsa, a re: Ke mang ya tla nnosa metsi a sediba sa Bethlehema se pela kgoro?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Davida a utlwa a nyorilwe, mme a re: “Eka motho a ka mpha metsi a tswang sedibeng sa Betlelehema, se pela kgoro ya motse!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 11:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlang oo, Davida o ne a le seqhobong, mme sehlopha sa Bafilesta se ne se le teng Bethlehema.


Yaba ba bararo bao ba phunyeletsa hara diahelo tsa Bafilesta, ba ekga metsi sedibeng sa Bethlehema se pela kgoro, mme ba a nka, ba tla le wona ho Davida; empa Davida a hana ho a nwa, a mpa a a tshollela Jehova;


Ke otlollela matsoho a ka ho wena, moya wa ka o nyoretswe wena, jwaloka hoja ke mobu o omileng. (Sela.)


Ke mang ya tla nkisa motseng o matla? Ke mang ya tla ntsamaisa ho ya mphihlisa Edomo?


Le tla ikgella metsi ka thabo didibeng tsa poloko;


Jesu a mo araba, a re: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le ya reng ho wena: Mphe, ke nwe, ke wena o ka beng o qetse ho yena, mme a ka be a o file metsi a kollang.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ