Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 11:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ba ema hare ho tshimo, ba e tseka, mme ba qhala Bafilesta; Jehova a namolela Iseraele ka hlolo e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Eleasare le bahlabani ba hae ba ikema hara tshimo, ba e hapa, ba bolaya Bafilesita, mme Morena a ba tlisetsa tlholo e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 11:14
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yena a ema, a bolaya Bafilesta, ha ba ha kgathala letsoho la hae, la kgomarela sabole. Ke ka yena Jehova a namoletseng Baiseraele haholo mohlang oo, setjhaba sa ba sa kgutla le yena e le hore se hape feela.


Naamane, molaodi wa makgotla a Siria, e be e le motho e moholo pela monga hae; o ne a roriswa, hobane Jehova a ne a pholositse Siria ka yena; empa monna eo ya matla, ya bohale, e ne e le molepera.


Ke yena ya neng a emele Davida Pase-Dammime. Bafilesta ba ne ba phuthehetse teng ka ntwa; teng, ho ne ho na le lebatowa la tshimo le tletseng harese; ke mohla setjhaba se neng se balehetse Bafilesta.


Ba bararo ho bao e leng dihlooho tsa dinatla tse mashome a mararo ba ne ba theohetse ho Davida seqhobong, lehaheng la Adullame; diahelo tsa Bafilesta di ne di hlomilwe kgohlong ya Barefaime.


wena ya neang marena poloko, wena ya namoletseng mohlanka wa hao, Davida lerumong le bolayang.


O sitsa morena wa hae ka poloko e kgolo, o etsa mohau ho motlotsuwa wa hae, ho Davida, le ho moloko wa hae ka ho sa feleng!


Pere e lokisetswa letsatsi la ntwa; empa poloko ke ya Jehova.


Jehova a namolela Iseraele jwalo tsatsing leo; ntwa yona ya fetela pele, ho ya fihla Bethe-Avene.


O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ