Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o ntlhabe ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, kahobane le ne le tshohile haholo. Yaba Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.” Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 10:4
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le se ke la e bolela Gathe, le se ke la e tumisa mapatlelong a Ashkelone, esere barwetsana ba Bafilesta ba thaba, le barwetsana ba maqai ba nyakalla!


Mohlankana ya mmehelang, a re: Eitse ha ke le thabeng ya Gilboa, ka fihlela Saule a ikokotletse ka lerumo la hae, ka bona ba makoloi le ba kaletseng mapere ba mo phalletse ka matla.


Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Simri, ha a bona hoba motse o ya kenwa, a kena qhobosheaneng ya ntlo ya borena, a itjheseletsa tlung ya morena, a shwa.


Jwale, Saule a imelwa ke ntwa; ba fulang ka diqha ba mo fihlela, mme a tsieleha haholo ke ba diqha.


Eitse ha lehlahana la hae le bona hoba Saule o shwele, le lona la itihela hodima sabole ya lona, mme la eshwa.


Empa yare hobane a ithekele tshimo ka moputso wa bokgopo, a itihela, a phatloha kalehare, mala a hae a ba a horometseha kaofela.


Yaba molebedi wa teronko o tsoha borokong, mme ha a bona menyako ya teronko e butswe, a pshemola sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho re, ba tlamilweng ba balehile.


A nyorwa haholo, mme a howeletsa ho Jehova, a re: Ha o etseditse mohlanka wa hao thuso e kalo, ho tla ba jwang leha nka shwa jwale ke lenyora, ka wela matsohong a maqai?


Yaba Bafilesta ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, mme ba mo theosetsa Gasa; ba mo tlama teng ka mahlaahlela a mabedi a koporo, mme a nna a soka tshilo ya lelwala teronkong.


Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.


Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.


Davida a re ho banna bao a emeng le bona: Ho tla etsetswang monna ya ka bolayang Mofilesta eo, ya tlosang nyediso Iseraeleng na? Mofilesta eo wa leqai ke motho ya jwang, ha a nyedisa makgotla a Modimo o utlwang?


Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.


Ebile Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, a mpolaye, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, hobane le ne le tshohile haholo. Ebile Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ