Yaba morena o mema ba Gibeone, a bua le bona. Ba Gibeone e be e se ba bana ba Iseraele, e ne e le ba setseng ba Baamore; Baiseraele ba ne ba ba hlapanyeditse pholoho, Saule a mpa a rata ho ba bolaya, ka ho tjhesehela bana ba Iseraele le Juda.
Lengeloi, eitse ha le lebisa letsoho la lona nqa Jerusalema hore le bolaye ba teng, Jehova a ba utlwela bohloko ka baka la tshenyeho, a re ho lengeloi le bolayang setjhaba: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Ke ha lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Arauna Mojebuse.
Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,
Wa mo fumana a ena le pelo e tshephehang pela hao, mme wa etsa selekane le yena sa ho mo nea lefatshe la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Bajebuse, le la Bagirgashe, hore o tle o le nee ditloholo tsa hae; o fela o phethile lentswe la hao, etswe o le ya lokileng.
Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.
Ke tla tlosa madi a hae molomong wa hae, le manyala a hae mahareng a meno a hae; le yena o tla salla Modimo wa rona, mme o tla ba jwaloka kgosana hara Juda, Ekrone a be jwaloka Mojebuse.
Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a se a o kentse lefatsheng leo o yang ho le rua, mme a se a faladitse ditjhaba tse ngata pela hao, Bahethe, le Bagirgashe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, tjhaba tse supileng tse o fetang ka bongata le ka matla,
Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.
Joshua a re: Hoo le tla tseba ka hona hobane Modimo o utlwang o hara lona, le hobane o tla lelekisa ruri pela lona Bakanana, le Bahethe, le Baheve, le Baferese, le Bagirgashe, le Baamore, le Bajebuse;
Haele bana ba Benjamine, ha ba ka leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema; ka baka leo, Bajebuse ba nna ba aha Jerusalema le bana ba Benjamine ho fihlela kajeno.
Ha ba se ba le haufi le Jebuse, letsatsi le ne le se le rapame; mohlanka a re ho mong a hae: Tloo, re fapohele motseng ono wa Bajebuse, re robale bosiu teng.