Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 5:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 E ka Modimo ya fanang ka kgotso, yena ka sebele a ka le halaletsa ka ho tlala, e le hore ka mokgwa o phethehileng le bolokehe moyeng, pelong le mmeleng, le tle le se ke la nyatseha mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Modimo wa kgotso o le halaletse kahohle; mme ke rapela Modimo hore meya ya lona yohle, le moya wa lona, le mmele wa lona, di bolokelwe, di se na sekodi, ho tle ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Modimo wa kgotso o le halaletse kahohle; mme ke rapela Modimo hore meya ya lona yohle, le moya wa lona, le mmele wa lona, di bolokelwe, di se na sekodi, ho tle ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 5:23
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke hona ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova ya halaletsang Iseraele, ha di bona sehalalelo sa ka se le hara bona ka ho sa feleng.


Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.


Le boloke melao ya ka, le ye ka yona. Ke nna Jehova ya le halaletsang.


Yaba Maria o re: Moya wa ka o rorisa Morena;


Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le hahisa, le ho le nea lefa hammoho le bahalaledi bohle.


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


Jwale, Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso yohle tumelong, tshepo ya lona e tle e ekeletswe ka matla a Moya o Halalelang.


Jwale, Modimo wa kgotso o be le lona bohle! Amen!


Modimo wa mamello le wa tshediso o ke o le nee ho ba le kgopolo e le nngwe e mong ka nqa ho e mong, ho Jesu Kreste,


Modimo wa kgotso ke wona o tla phakisa o robokele Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen!


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Hobane Modimo hase Modimo wa moferefere, empa e le wa kgotso, jwalokaha ho bonwa dikerekeng tsohle tsa bahalaledi.


ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo ya poelano.


le tle le tsebe ho lemoha ditaba tse fetisang ka molemo, le nne le hlweke, mme le se ke la kgoptjwa, letsatsi la Kreste le be le tjhabe;


Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.


Tseo le ithutileng tsona la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, etsang tsona; mme Modimo wa kgotso o tla ba le lona.


jwale o le buseditse kgotsong ka mmele wa nama ya hae, ka lefu la hae, a tle a le hlahise pela wona le halalela, le se na letheba le molato;


Hobane tshepo ya rona ke mang, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona keng? Na hase lona le tla ba wona pela Morena Jesu Kreste, ho tleng ha hae?


Oho! re etsetswe tsela ya ho tla ho lona ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena wa rona Jesu Kreste!


a tle a tiise dipelo tsa lona; di hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste hammoho le bahalaledi ba hae bohle.


Hobane ho rata ha Modimo ke hore le halalele, le hore le tshabe bofebe,


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!


Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Hobane leha e le ya halaletsang, leha e le ba halaletswang, ke ba a le mong bohle; ka baka leo, ha a na dihlong tsa ho ba bitsa banababo,


Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, mme le fetisa ka bohale disabole tsohle tse leoditsweng ka nqa tse pedi; mme le a hlaba, le ye ho kena le dikgaohanong tsa pelo le tsa moya, le manonyellong le mokong; mme le ahlola maikutlo le mehopolo ya pelo.


mme mamello e ka kgona e phethehe tshebetsong ya yona, le tle le be ba phethehileng, ba hodileng ruri, bao ho sa hlokweng letho ho bona.


ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.


Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi.


Ke le Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, ba boloketsweng Jesu Kreste, ke re:


Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ