Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le ba hlomphe haholoholo ka lerato, ka baka la tshebetso ya bona. Dudisanang hammoho ka kgotso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ka baka la mosebetsi wa bona, le ba hlomphe haholo, le ba rate. Phedisanang ka kgotso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 le ba hlomphe haholo ka lerato ka baka la mosebetsi wa bona. Le be le khutšo gare ga lena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 le ba hlomphe haholo ka lerato ka baka la mosebetsi wa bona. Le be le khutšo gare ga lena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 5:13
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo kgutlisa banababo hore ba tsamaye, mme a re ho bona: Le se ke la qabana tseleng.


Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!


Ya le amohelang o a nkamohela; mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng.


Letswai le molemo; empa letswai ha le tapa, le ka le noka kang? Le be le letswai ka ho lona, mme le ahisane ka kgotso.


Ha ke qetella, banabeso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tshedisane, le be le kgopolo e le nngwe, le dule ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona.


Ha le a ka la nnyedisa, leha e le ho nkgana ka baka la moleko wa ka o nameng ya ka; la mpa la nkamohela jwaloka hoja ke le lengeloi la Modimo, le jwaloka hoja ke le Jesu Kreste.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.


Ya rutwang Lentswe a ke a qotsetse ya mo rutang mesebetsing ya hae yohle.


Le tiye matla ho boloka bonngwe ba moya ka tlamo ya kgotso.


Mme kgotso ya Modimo, eo le e biletswang ho ba mmele o le mong, e buse pelong tsa lona; hape le be le teboho.


Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!


O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.


Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.


Mme tholwana tsa ho loka di jallwa kgotsong ho ba etsang kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ