Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Haele lerato la boena, hase taba eo ke tshwanetseng ho le ngolla yona, kahobane le lona le rutwa ke Modimo ho ratana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ha e le ka lerato la boena, ha le hloke hore le ngollwe ka lona, hobane ka bolona le rutilwe ke Modimo ho ratana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Empa malebana le lerato la boena ha le hloke hore ke le ngolle, hobane le lona ka bolona le rutilwe ke Modimo ho ratana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa malebana le lerato la boena ha le hloke hore ke le ngolle, hobane le lona ka bolona le rutilwe ke Modimo ho ratana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 4:9
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!


Ho ya kang, ha o ka lebala Jehova, Mmopi wa hao, ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe? Ke ka baka lang ha o tshohile kamehla ka ditshiu tsohle ka kgalefo ya mohlorisi ha a itokisa ho lwana? E kae jwale, kgalefo ya mohlorisi?


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.


Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.


Mme wa bobedi, o tshwanang le wona, ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.


empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Bongata bohle ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong feela; ho ne ho se motho ya reng, dintho tseo a nang le tsona ke tsa hae, empa dintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bona bohle.


Tlwaelanang hamonate ka lerato la boena; le nne le beane pele ka hlomphano.


Haele ka thuso e etsetswang bahalaledi, ekaba ke a tlodisa ha nka le ngolla taba tsa yona;


Ka baka leo, rona bohle ba phethehileng, a re ke re ikutlweng jwalo; mme ha le ena le boikutlo bosele nthong e nngwe, le hona Modimo o tla le senolela hona.


Haele tsa mehla le tsa dinako, banabeso, ha le tshwanele ho di ngollwa.


Selekane ke sena seo ke tla se etsa le bona kamora ditshiu tseo, ho rialo Morena; ke tla kenya melao ya ka dipelong tsa bona, ke e ngole dikelellong tsa bona, o eketsa o re:


Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;


Haholoholo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa dibe tse ngata.


le borapedi ka lerato la boena, le lerato la boena ka lerato la bohle.


Ya ratang ngwanabo, o dutse leseding, mme ha ho letho ka ho yena le mo kgopisang.


Hobane taba eo le e utlwileng, esale ho qaleng, ke hore re ratane,


Mme taelo ya wona ke hore re dumele lebitso la Mora wa wona Jesu Kreste, le hore re ratane, jwalokaha o re laetse.


Mme re filwe ke wona taelo ena, e reng: Ya ratang Modimo a rate le ngwanabo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ