Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 le hore e mong le e mong ho lona a tsebe ho bolokela pitsa ya hae kgalalelong le hlonephong,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 e mong le e mong wa lona a ithute ho inkela mosadi eo a tla phela le yena ka mokgwa o halalelang, o hlomphehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 E mong le e mong ho lona a tle a tsebe ho ruela sejana sa hae khalalelong le tlhomphong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 E mong le e mong ho lona a tle a tsebe ho ruela sejana sa hae khalalelong le tlhomphong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 4:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


Ka baka leo, Modimo o ba lesitse ho sebetsa ditshila, ditakatsong tsa dipelo tsa bona, ba tle ba tlotlollane mmele ya bona;


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.


Ke bolela ka mokgwa wa batho ka baka la phokolo ya nama ya lona. Ke re: Jwalokaha le ne le beile ditho tsa lona ho ba bahlanka ba ditshila le ba bokgopo ho etsa bokgopo, ka mokgwa oo jwale, beang ditho tsa lona jwalo, di be bahlanka ba ho loka ho isang kgalalelong.


Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke ditho tsa Kreste na? Na nka etsa ditho tsa Kreste ditho tsa seotswa? Tjhe, le ho leka!


Empa ka baka la ho tshaba bofebe, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.


Empa ekare ha ba sitwa ho itshwara, ba nyale; hobane haele ho nyala, e le ho tjha, ho molemo ke ho nyala.


Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.


Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.


Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.


Ka mokgwa o jwalo, le lona banna, le phedisane le bona ka hlokomelo, ka ho re, mosadi ke pitsa e fetisang ka ho fokola, mme le ba hlomphe, etswe e le majalefa hammoho le lona a mohau wa bophelo, merapelo ya lona e tle e se ke ya sitiswa.


Davida a araba moprista, a re ho yena: Kannete re timilwe basadi, e se e le ditshiu tse tharo, haesale ke tloha; le mmele ya bahlankana e hlwekile; le bohobe boo ke boo e leng bohobe feela ka mokgwa o mong, hobane kajeno ho kgethwa bo bong pitseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ