Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane ha re dumetse hoba Jesu o kile a shwa, a ba a tsoha, le hona re tshwanetse ho dumela hoba ba ithobaletseng, Modimo o tla ba tsosa ka Jesu, mme o ba hlahise le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Haeba re dumela hore Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tsosa bafung jwaloka Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hobane ha re dumela hoba Jesu o shwele, a ba a tsoha, ka mokgwa o jwalo le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tlisa le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane ha re dumela hoba Jesu o shwele, a ba a tsoha, ka mokgwa o jwalo le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tlisa le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 4:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Gade o tla lwantshwa ke makgotla, empa o tla a qhala, a a phallele.


Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.


Mme kotlo ya pere, le ya mulete, le ya kamele le ya esele, le ya diphoofolo tsohle tse diahelong tseo, e tla ba jwalo; e be jwaloka kotlo eo.


O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe.


Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang.


Mme ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


a tle a tiise dipelo tsa lona; di hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste hammoho le bahalaledi ba hae bohle.


Banabeso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ya ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.


Ebe moo, rona ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng; mme ka mokgwa o jwalo, re tla ba le Morena kamehla.


Haele tsa ho tla ha Jesu Kreste Morena, le tsa ho phuthehela ha rona ho yena re a le rapela, banabeso, re re:


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale! Moya o re: E, hoba ba ya phomola mesebetsing ya bona; hobane mesebetsi ya bona e a ba latela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ