Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 4:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Banabeso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ya ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Bana beso, re rata ha le tseba tsa ba ithobaletseng, hore le tle le se ke la lla jwaloka ba bang, ba se nang tshepo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Bana beso, ha ke rate ha le hloka tsebo malebana le ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Bana beso, ha ke rate ha le hloka tsebo malebana le ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 4:13
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba hae kaofela, le baradi ba hae kaofela, ba tla ho mo tshedisa, empa a hana ho itshedisa, a re: Ke tla theohela nqalong ya bafu ho mora wa ka, ke ntse ke lla. Ntatae a mo llela jwalo.


Ebile morena o hlokofala haholo, a hlwella phaposing e hodima monyako, a lla, a nna a tsamaya teng, a ntse a re: Mora ka Absalome! mora ka! mora ka Absalome! Hojane ho shwele nna bakeng sa hao, Absalome! mora ka! mora ka!


Ha ho se jwalo, etlare morena, monga ka, ha a se a orohetse ho bontatae, re tla etswa ba molato, nna le mora ka Salomone.


Ebile Davida o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida.


Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.


Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.


Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng.


Le se ke la phatsa mmele wa lona ka baka la mofu, mme le se ke la ingola ditshwantsho ka lehare. Ke nna Jehova.


haese ka ba tswalaneng le yena, ba madi a le mang le yena, jwaloka mmae, kapa ntatae, kapa mora wa hae, kapa moradi wa hae, kapa ngwanabo,


mabitla a buleha, le ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba robetseng tsa tsoha.


Maretha a re ho yena: Ke a tseba hobane o tla tsoha mohla tsoho, letsatsing la bofelo.


Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.


A ntoo kgumama, a howa ka lentswe le leholo, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena! Yare ha a buile jwalo, a ithoballa.


Mme banna ba bang ba barapedi ba epela Setefane, mme ba mo llela haholoholo.


Banabeso, ha ke rate ha le sa tsebe hobane ke rerile hangata ho ya ho lona, ke tle ke kge ditholwana tse ding le ho lona, jwalokaha ke entse ditjhabeng tse ding; ke mpa ke thibetswe ho fihlela jwale.


Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba bontate moholo ba bile bohle katlasa leru, mme bohle ba ne ba tshele lewatle;


Haele ka dineo tsa Moya, banabeso, ha ke rate hoba le ka hloka hlalohanyo ya tsona.


Hamorao a bonwa ka nako e le nngwe ke baena ba fetisang makgolo a mahlano; ba bangata ho bona ba sa le teng, mme ba bang ba se ba shwele.


Efela banabeso, ha re rate hoba le se ke la tseba hoba, haele mahlomola a re hlahetseng Asia, re kile ra hatellwa ka hosele ho fetisa matla a rona, ra ba ra fellwa le ke tshepo ya ho phela.


mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.


Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang.


Hobane ha re dumetse hoba Jesu o kile a shwa, a ba a tsoha, le hona re tshwanetse ho dumela hoba ba ithobaletseng, Modimo o tla ba tsosa ka Jesu, mme o ba hlahise le yena.


Re fela re le bolella ka polelo ya Morena, hore, haele rona ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha Morena, re ke ke ra raka ba robetseng.


ya re shwetseng, hore, leha re fadimeha, leha re robetse, re phelele mahong le yena.


Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang, re mpe re fadimehe, mme re tshabe botahwa.


ba soma, ba re: E kae pallo ya ho tla ha hae? Hobane, haesale ho eshwa bontate moholo, ntho tsohle di sa ntse di tiile, di sa le jwaloka qalong, ha di hlolwa.


Feela, baratuwa, se lebaleng taba ena e le nngwe, ya hore letsatsi le le leng pela Morena le jwaloka mengwaha e sekete, le hoba mengwaha e sekete e jwaloka letsatsi le le leng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ