Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mme Morena a le hodise, mme a le atisetse lerato la ho ratana, le la ho rata bohle, jwalokaha re le rata le rona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Morena a ke a eketse, mme a totise lerato la lona, hore le ratane, mme le rate batho bohle, jwalokaha le rona re le rata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Morena a ke a le hodise, le a le atise leratong la ho ratana le ho batho bohle, jwalokaha le rona re le etsa ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Morena a ke a le hodise, le a le atise leratong la ho ratana le ho batho bohle, jwalokaha le rona re le etsa ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 3:12
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditshwantsho tsa bona ke silefera le kgauta, mosebetsi wa matsoho a batho.


Mme wa bobedi, o tshwanang le wona, ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.


Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.


Baapostola ba re ho Morena: Totisa tumelo ya rona.


Le se ke la ba le molato ho motho, haese wa ho ratana; hobane ya ratang ba bang ke yena ya phethileng molao.


Ya baballang mojadi ka peo, le motho ka bohobe a tle a je, o tla le sitsa, mme a le atisetse se jalwang ke lona, mme a totise ditholwana tsa ho loka ka ho lona;


Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


Mme seo ke se kopang, ke hore lerato la lona le nne le eketsehe kamehla, ka tsebo le ka kelello yohle;


Ka mokgwa o jwalo, ka baka la ho le rata, re eleditse hore re tla le nea e seng Evangeli ya Modimo feela, empa le yona meya ya rona, kahobane le le baratuwa ba rona ruri.


Haele ka ho hong, banabeso, re a le rapela, hape re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le ithutile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le nne le hole teng kamehla.


Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.


Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.


Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.


le borapedi ka lerato la boena, le lerato la boena ka lerato la bohle.


le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ