Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka baka la ho hlolwa ke hlolohelo eo, re ikgethetse ho siuwa Athene re nnotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Jwale ha re se re sitwa ho iphapanya, re ile ra ikhethela ho sala re le bang Athene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Ka baka leo, ha re sa kgone ho mamella, ra bona ho le molemo ho siuwa Athene re nnotshi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka baka leo, ha re sa kgone ho mamella, ra bona ho le molemo ho siuwa Athene re nnotshi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 3:1
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke mmolela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o tjhesang pelong ya ka, o kentsweng masapong a ka. Ke kgathala ke ho o boloka, ke a sitwa.


Jehova o sitilwe hore a nne a iphapanye le bolotsana ba diketso tsa lona le manyala ao le neng le a etsa; ke moo lefatshe la lona le entsweng tshenyeho, le sebabatso, le thohako, lefatshe le se nang moahi, kamoo ho ntseng ho le kateng tsatsing lena.


Ba feleheditseng Pauluse ba mo fihlisa Athene; mme eitse hobane ba newe molaetsa o yang ho Silase le Timothea, o reng ba tle ho yena kapele, ba kgutla.


Pauluse ha a ntse a ba lebeletse Athene, moya wa hae wa hlabeha, kahare ho yena, ha a bona motse o ineetse tshebeletso ya medimo ya ditshwantsho.


ha ke a ka ka iketla moyeng wa ka, kahobane ha ke a ka ka fumana Tite, ngwaneso; ka mpa ka ba dumedisa, ka ntoo ikela Masedonia.


Haele rona, banabeso, re kgaohane le lona ka motsotso o kang wa hora, ke ho se bonane feela, e seng ka pelo, mme ke moo re lekileng kannete ho tla le bona ka hlolohelo e fetisang.


Ke re, ka baka la ho hlolwa ke ho le hlolohelwa, nkile ka roma Timothea, a tle a bone kamoo tumelo ya lona e dutseng kateng; esebe mohlomong moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ