Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane dikgothatso tsa rona hase tse tswang leshanong, leha e le ditshileng, leha e le manong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Kgothatso ya rona ha e etswe ka phoso, kapa ka morero o ditshila, kapa ka mano,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Hobane kgothatso ya rona hase ya thetso, leha e le ditshila, leha e le manong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane kgothatso ya rona hase ya thetso, leha e le ditshila, leha e le manong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 2:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.


Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.


Le yena Jose, ya reilweng Barnabase ke baapostola, e leng ho re, mora tshediso, ha ho fetolwa, e neng e le Molevi, ya tswaletsweng Sipera,


Hobane batho ba jwalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa baapostola ba Kreste.


Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.


Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.


Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.


hara hlompho, le hlomphollo, hara diketselletso le botumo bo botle;


Re amoheleng; ha re a ka ra etsa motho hampe; ha re a ka ra senyetsa motho; ha re a ka ra ja motho.


Mme le a tseba hoba re kgothaditse, ra ba ra tshedisa e mong le e mong ho lona, jwaloka ntata motho ha a etsa bana ba hae.


Hobane Modimo ha o a ka wa re biletsa ditshileng, empa e le kgalalelong.


Ke ka baka leo Modimo o tlang ho ba romela moya wa thetso o sebetsang ka matla, ba tle ba dumele bohata;


Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.


Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ