Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane lentswe la Morena ha le tloha ha heno, le dumaetse, e seng Masedonia le Akaea feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane kahohle, ya eba ntho eo re sa tshwanelang ho e bolela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ho tloha ha habo lona, lentswe la Morena ha le a ka la tuma Masedonia le Akaya feela, empa botumo ba tumelo ya lona ho Modimo bo ile ba fihla dibakeng tsohle, hoo re seng re sa hloke ho bua ka taba eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Hobane lentswe la Morena le tumme ho tswa ho lona, e seng Masedonia le Akaia feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane hohle; hoo re sa hlokeng ho bua letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Hobane lentswe la Morena le tumme ho tswa ho lona, e seng Masedonia le Akaia feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane hohle; hoo re sa hlokeng ho bua letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 1:8
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jethro a itumela ka baka la molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Iseraele, ha a ba namoletse letsohong la Baegepeta.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


Ke tla bea pontsho ho bona, mme hara ba phonyohileng ke nke ba bang, ke ba romele ditjhabeng, Tarshishe, Pule le Lude, ho ba tjhehang seqha Tubale, le Javane, le dihlekehlekeng tse hole, tse esong ho utlwe taba tsa ka le ho bona kganya ya ka; mme ba tla tumisa kganya ya ka hara ditjhaba.


Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,


Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.


Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.


Empa ho utlwa ha lona ho tsebilwe ke bohle; ke le thabela ke hona, empa ke rata ha le ka ba bohlale botleng, mme le be dithoto bobeng.


Ana lentswe la Modimo le tswile ho lona, kapa ke lona feela ba fihletsweng ke lona na?


Ho roriswe Modimo o re neang ho hlola kamehla ka Kreste, o hasetsang hohle ka rona monkgo wa tsebo ya wona!


Re fela re na le tshepo e jwalo ho Modimo, ka Kreste.


Lentswe la Kreste le ikahele ho lona ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le nne le rutane, mme le kgothatsane ka dipesalema, le dithoko, le difela tsa moya, le ntse le binela Morena ka dipelo tsa lona, ka bokgabane.


Ke hona re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la sebete sa lona le la tumelo ya lona dihlorisong le matshwenyehong ao le a mamellang;


Haele ka tse ding, banabeso, le re rapelleng, lentswe la Morena le tle le nne le mathe, mme le tlotliswe hohle jwaloka ha heno,


Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang.


e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, mme ke bile ke tlangwa ka baka la yona, jwaloka hola ke le sehlola; empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.


Demetriuse o bokwa ke bohle, le ke yona nnete; le rona re a mmoka, mme le a tseba hobane poko ya rona ke ya nnete.


Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;


Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ