Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 la ba la fetoha ba etsetsang bohle ba dumetseng Masedonia le Akaea mehlala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Kahoo le fetohile mohlala ho badumedi bohle ba Masedonia le ba Akaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 hoo le bileng mohlala ho bohle ba dumelang Masedonia le Akaia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Hoo le bileng mohlala ho bohle ba dumelang Masedonia le Akaia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 1:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.


Ha re tloha teng, ra ya Filipi, e leng motse wa pele naheng ya Masedonia, hape e leng koloni ya Roma; mme ra hlola matsatsi a mang motseng oo.


Kamora tseo, Pauluse a tloha Athene, a ya Korinthe.


Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,


Kamora tseo, Pauluse a rera, ka kgopotso ya Moya, ho ya Jerusalema, ka tsela ya Masedonia le ya Akaea, a re: Etlare ha ke ile teng, e ka kgona ke bone le Roma.


Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaea, ke re:


hobane ke tseba tjheseho ya lona tabeng ena eo ke ntseng ke ithorisa ka lona ho ba Masedonia, ka ho re, ba Akaea ba se ba ne ba lokise le ngwahola; mme tjheseho ya lona e fela e tsositse ba bangata.


Hobane lentswe la Morena ha le tloha ha heno, le dumaetse, e seng Masedonia le Akaea feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane kahohle, ya eba ntho eo re sa tshwanelang ho e bolela.


Mme le fela le etsa jwalo ho baena bohle ba Masedonia yohle; re mpa re le kgothatsa, banabeso, hore le ke le hole leratong leo.


Ho se ke ha eba ya nyatsang botjha ba hao; empa e be wena o etsetsang badumedi mehlala ya dipolelo, ya metsamao, ya lerato, ya tumelo, le ya hlweko.


Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.


e seng ka ho busa mehlape ya lona ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ