Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 15:50 - Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Seo ke mpang ke se bolela, banabeso, ke hoba nama le madi di ke ke tsa eja lefa la mmuso wa Modimo, mme ho bola ho ke ke ha eja lefa la ho sa boleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

50 Bana beso, jwale ke re ho lona: Nama le madi di ke ke tsa eja lefa la Mmuso wa Modimo, le se bolang se ke ke sa eja lefa la se sa boleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

50 Jwale, banabeso, ke bolela hore nama le madi di ke ke tsa rua mmuso wa Modimo; le ho bola ha ho rue ho se boleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

50 Jwale, banabeso, ke bolela hore nama le madi di ke ke tsa rua mmuso wa Modimo; le ho bola ha ho rue ho se boleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 15:50
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.


Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le amohele mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!


Ho tla ba jwalo le tsohong ya bafu. Mmele o jallwa ho boleng, o tla tsohela ho se bole;


o jalwa e le mmele wa nama, o tla tsoha e le mmele wa moya. Mmele wa nama o teng, le mmele wa moya o teng.


Le se ke la lahleha: Haele ba ditshila, haele ba rapelang ditshwantsho, haele baboki le bafebi, leha e le basodoma, le mashodu, le ba lakatsang leruo, le matahwa, le ba sebang ba bang, le ba utswang, ba jwalo ba ke ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo.


Dijo ke tsa mpa, mpa ke ya dijo, mme Modimo o tla fedisa dijo le mpa. Empa mmele hase wa bofebe, empa e le wa Morena, le Morena e le wa mmele.


Ana ha le tsebe hoba bakgopo ha ba ka ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo na?


Seo ke se bolelang, banabeso, ke hoba, jwale, nako e kgutshwanyane; e le hore ba nang le basadi ba be jwaloka hoja ba se na bona;


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


Hobane taba ke yona ena: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; mme ya jalang haholo le hona o tla kotula haholo.


Ha ho le jwalo, seo ke se bolelang, ke hoba selekane se tiisitsweng pele ke Modimo hodima Kreste, molao o tlileng kamora dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo ha o a ka wa se fedisa hore pallo e fetohe lefeela.


Mme ke re: Tsamayang ka Moya, mme le se ke la kgodisa ditakatso tsa nama.


Jwale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela jwaloka baditjhaba ba bang, ba yang ka bosawana ba dikelello tsa bona;


Ke le bolella hona hore motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tseo e kang di na le ho tshepeha.


Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ