Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ba nwele bohle seno se le seng sa moya; hobane ba ne ba enwa metsi a lefika la moya le ba latelang, mme lefika leo e ne e le Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Hape ba nwa seno sa moya se tshwanang, hobane ba ile ba enwa Lefikeng la moya le neng le ba latetse. Lefika leo ke Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Mme bohle ba nwa seno se le seng sa moya, hobane ba ne ba nwele Lefikeng la moya le neng le ba latela, mme Lefika leo e ne e le Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mme bohle ba nwa seno se le seng sa moya, hobane ba ne ba nwele Lefikeng la moya le neng le ba latela, mme Lefika leo e ne e le Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 10:4
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Josefa o re ho yena: Phuthollo ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo;


Dikgomo tse ntle tse supileng ke dilemo tse supileng, le diqwapi tse ntle tse supileng ke dilemo tse supileng. Ke toro e le nngwe.


A patsola lefika, mme metsi a kolla ho lona, a matha feelleng ka diphororo.


Wa patsola mafika lefeelleng, wa ba nosa teng jwaloka hola ba enwa madibeng a maholo,


O fedile wa otla lefika, mme metsi a phorosetsa, dinoka tsa phalla; hleka o ka re fa le bohobe, le ho otla setjhaba sa wona ka dinama na?


Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe; o tla tea lefika, mme metsi a tla tswa ho lona, sesetjhaba se nwe. Moshe a etsa jwalo pontsheng ya baholo ba Iseraele.


Dibatana tsa naha, le diphokojwe, le dimpshe di tla nteboha, hobane ke hlahisitse metsi naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng, ho nosa setjhaba sa ka seo ke ikgethetseng sona.


Ba ke ke ba nyorwa naheng e tshehla, ha ba haola ka yona; o tla phallisa metsi lefikeng bakeng sa bona, a petsole lefika, metsi a kwelle ho lona.


hohle moo bana ba batho, le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, di ikahetseng teng, o di beile matsohong a hao, o o entse morena wa tsona tsohle; hlooho ya kgauta ke wena.


a re: Dibatana tse kgolo tseo tse nne ke marena a mane a tlang ho hlaha lefatsheng.


Moshe a re: Mamelang he, lona bahanyetsi! A hleka re tla le ntshetsa metsi lefikeng lena na? Moshe a ntoo emisa letsoho la hae, a otla lefika habedi ka lere la hae. Metsi a tswa a le mangata; batho ba enwa le tsona dintho tsa bona.


Jesu a mo araba, a re: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le ya reng ho wena: Mphe, ke nwe, ke wena o ka beng o qetse ho yena, mme a ka be a o file metsi a kollang.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.


Ka letsatsi la ho qetella mokete, e leng le leholo, Jesu a ema, a howa, a re: Ekare ha e mong a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.


hobane Agare ke Sinai, thaba ya Arabia — mme o tshwantsha le Jerusalema wa jwale; mme ke ya tlamilweng, le bana ba hae.


Yaba ke nka sebe sa lona, namane eo le e entseng; ka e besa, ka e tula, ka e sila, ka e etsa phofo, mme ka akgela phofo ya yona molapong o theohang thabeng.


tseo e leng seriti sa tse tlang ho tla, empa mmele wa tsona ke Kreste.


Hobane molao erekaha o ne o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa dintho, o sitilwe ruri ho phethisa barapedi ka mahlabelo a hlahiswang ka selemo se seng le se seng.


Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ