Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 6:9 - Baasraak Sotho NT

9 Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolailweng ka baka la lentswe la Modimo, le bopaki boo ba neng ba na le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolaetsweng lentswe la Modimo le bopaki boo ba neng ba bo tiisitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bohlano, katlasa aletare ka bona meya ya ba ileng ba bolawa ka baka la lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki boo ba neng ba ena le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolailweng ka baka la lentswe la Modimo, le bopaki boo ba neng ba na le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 6:9
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Re na le tshepo, ke rialo, mme re rata ho ka mpa ra ba sieo mmeleng, ho ya ba teng le Morena.


Hobane ke tsielehile pakeng tsa tse pedi, ke na le takatso ya ho tloha ho ya ba le Kreste; e leng molemo ho feta:


Ee, le fa ke ka ntshiwa mo setlhabelong le mo tirelong ya tumelo ya lona, ke a itumela, mme ke ipela le lona lotlhe.


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna motshwaruwa wa hae;


Hobane jwale, ke se ke tla nyeheloa, mme nako ya ho tloha ha ka e atametse.


ho phutheho e kgolo, le kereke ya matsibolo a ngodilweng lehodimong, le ho Modimo Moahlodi wa bohle, le ho meya ya ba lokileng ba phethehileng,


Ke yena ya pakileng lentswe la Modimo, le bopaki ba Jesu Kreste, le tsohle tseo a di boneng.


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


Lengeloi le leng la tswa aletareng, le na le matla hodima mollo; la howa ka mohoo o moholo ho ya tshwereng sekele e bohale, la re: Kenya sekele ya hao e bohale, o bokelle masihla a morara wa lefatshe; hobane morara wa hae o butswitse.


Yaba ke utlwa e nngwe e le aletareng, e re: Ho jwalo, Morena Modimo, o matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete, di lokile.


Yaba ke itihela maotong a hae ho mo kgumamela. A re ho nna: Bona, o se ke wa etsa jwalo;


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare, le tshwere pitsa ya kgauta; a newa dibano tse ngata, hore a di nyehele hammoho le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta e pela terone.


Lengeloi la botshelela la letsa, mme ka utlwa lentswe le tswang dinakang tse nne tsa aletare ya kgauta e kapele ho Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ