Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 3:8 - Baasraak Sotho NT

8 Ke tseba mesebetsi ya hao; bona, ke behile monyako o butsweng pela hao, oo ha ho motho ya ka o kwalang; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako pela hao, o ke keng wa kwalwa ke motho; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 “o re: Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako kapela hao, oo ho seng ya ka o kwalang. Ke tseba hore o na le matlanyana feela, empa o ile wa boloka lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ke tseba mesebetsi ya hao; bona, ke behile monyako o butsweng pela hao, oo ha ho motho ya ka o kwalang; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 3:8
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ya ntatolang pela batho, o tla latolwa pela mangeloi a Modimo.


Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ka re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.


Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng: e ne e le ba hao, mme o nneile bona; mme ba bolokile lentswe la hao.


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.


Hobane ke buletswe monyako o moholo o sebetsang, mme bahanyetsi ba bangata.


Hape, ha ke fihla Troase ho bolela Evangeli ya Kreste, mme ke buletswe monyako wa Morena.


Le re rapelele, hore Modimo o re bulele monyako wa polelo, ho bolela sephiri sa Kreste, seo le nna ke leng ditlamong ka baka la sona.


Empa haeba motho a sa baballe ba habo, haholo ba ntlo ya hae, o latotse tumelo, mme o mobe ho feta ya sa dumeleng.


Ke loanne ntoa e ntle, ke qetile leeto la ka, ke bolokile tumelo.


Gonne go na le batho bangwe ba ba tseneng ka bonyene mo teng ga bone, ba e leng ba ba laotsweng go tswa bogologolong go atlholwa, e le batho ba ba se nang bomodimo, ba ba fetolang bopelotlhomogi jwa Modimo wa rona boitaolo, ba ba itatolang yo o esi, Modimo o o esi, le Morena wa rona Jesu Keresete.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le kamoo o sitwang ho mamella ba babe;


Bona, ke tla kapele: ho lehlohonolo ya bolokang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena.


Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda; Ke tsena tse bolelwang ke ya nang le Meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng; Ke tseba mesebetsi ya hao, hore o na le lebitso la ho phela, athe o shwele.


Kahobane o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o boloka nakong ya moleko, o tlang ho tlela lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Ke tseba mesebetsi ya hao, hoba ha o bate ha o tjhese;


Ngolla lengeloi la kereke e Filadelfia; Ke tsena tse bolelwang ke Ya halalelang, wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, ho se ya kwalang; mme ha a kwala, mme ha ho ya bulang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ