Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 21:5 - Baasraak Sotho NT

5 Ya dutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A re ho nna: Ngola, hobane dipolelo tsena ke tsa nnete, di a tshepeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jwale ya dutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A ntoo re ho nna: Ngola; hobane dipolelo tseo di tiile; ke tsa nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ya dutseng teroneng a re: “Bona, ke ntjhafatsa tsohle.” A ba a re: “Ngola: Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ya dutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A re ho nna: Ngola, hobane dipolelo tsena ke tsa nnete, di a tshepeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 21:5
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha: tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


A re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo ba memetsweng selallong sa lenyalo la Konyana. Yaba o re ho nna: Tsena ke dipolelo tsa nnete tsa Modimo.


Yaba o re ho nna: Ditaba tsena di a tshepeha, ke tsa nnete;


Ka bona terone e kgolo e tshweu, le ya dutseng hodima yona, eo lefatshe le lehodimo di ileng tsa baleha sefahleho sa hae; mme ha se ke ha fumanwa sebaka bakeng sa bona.


Yaba hanghang ka ba moyeng: mme, bonang, terone ya bewa lehodimong, mme e mong a dutse teroneng.


Mme etlare ha dibatana tseo di tlotlisa Ya dutseng teroneng, ya phelang ka ho sa feleng, le hlompho, le diteboho.


Ngola tseo o di boneng, le tse teng, le tse tlang ho hlaha kamorao;


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ka bona letsohong le letona la ya dutseng teroneng buka e ngodilweng kahare le kantle, e tiisitsweng ka ditiiso tse supileng.


Mme lentswe lena le reng: Hang hape, le bolela ho tloswa ha tse sisinyehang, jwaloka tse entsweng, ho tle ho dule tse sa sisinyeheng.


Mme ekare ha motho a ka tlosa mantswe a buka ya boporofeta boo, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae bukeng ya bophelo, le motseng o halalelang, le ho tse ngodilweng bukeng ena.


Empa veine e ncha e tšeloa makukeng a macha; mme bobedi ba bolokeha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ