Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 9:20 - Baasraak Sotho NT

20 Ba mo tlisa ho yena; mme a wela fatshe, a bidikama a ntse a ntshitse makweba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ba mo tlisa ho yena. Yare ha ngwana a bona Jesu, moya wa mo sisinya ka bohale, a wa fatshe, a bidikana, a ntse a ntsha makweba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ba mo tlisa ho yena. Hanghang ha moya o bona Jesu, wa tsukutla ngwana habohloko, mme a wela fatshe a thakginya, a ntse a kgethetsa makweba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ba mo tlisa ho yena; mme a wela fatshe, a bidikama a ntse a ntshitse makweba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 9:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha moya o ditshila o mo harola, o howa ka lentswe le leholo, wa tswa ho yena.


Hohle moo o mo tshwarang teng, o a mo hahola, a kgethetse makweba, a tsikitlanye meno, a omelle; mme ba sitwa.


A mo araba, a re: “Moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise ho nna.


A botsa ntatae, a re: E ne e le nako e kae a hlahetswe ke taba eo? A re: Ho tloha boseeng.


Moya wa howa, wa mo hahola hampe, wa tswa ho yena; hoo ba bangata ba bileng ba re: O shoele.


Jesu a se kgalemela, a re: Homola, o tswe ho yena! Eitse hobane modemona a mo dihele hara bona, a tswa ho yena, a se ke a mo ntsha kotsi.


(Hobane o ne a laetse moya o ditshila hore o tswe ho motho eo, hobane o ne o mo tshwara hangata, mme a tshwarwa a tlamilwe ka mahlaahlela le ka mahlaahlela, a kgaola marapo, a lelekelelwa lefeelleng ke Diabolose.)


Mme bonang, moya o a mo tshwara, mme a hoeletse hang; mme wa mo hahola, a ba a kgella lekweba, mme o thatafallwa ke ho tloha ho yena, ha o mo qeba.


Eitse ha a sa tla, modemona a mo akgela fatshe, a mo hahola. Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, a mo busetsa ho ntatae.


Lona le ba ntata lona Diabolose, mme le rata ho etsa ditakatso tsa ntata lona. E ne e le mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane nnete ha e yo ho yena. Ha a bua leshano, o ipuella tsa hae, hobane ke ya leshano, mme ke ntata wona.


Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ