Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 8:17 - Baasraak Sotho NT

17 Yare ha Jesu a tseba hoo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ngangisana, kahobane ha le na mahobe? Na ha le e-so bone, kapa hona ho utloisisa? A dipelo tsa lona di sa ntse di thatafetse?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Na le lekanya hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na? Ana ha le eso ho lemohe, le ho utlwisisa na? Dipelo tsa lona di sa le thata le jwale na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ha a lemoha a re ho bona: “Keng ha le buisana, le re: Ke kahobane ha le a tla le bohobe? Na ha le eso elellwe leha e le ho utlwisisa? Na pelo tsa lona di sa thatafetse?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Yare ha Jesu a tseba hoo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ngangisana, kahobane ha le na mahobe? Na ha le e-so bone, kapa hona ho utloisisa? A dipelo tsa lona di sa ntse di thatafetse?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 8:17
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na ha le utlwisise hore tsohle tse kenang ka hanong di ya ka mpeng, di be di ntshetswe seretseng?


Yaba ba eletsana, ba re: Ke hobane ha re a ka ra nka mahobe.


Kamora tseo, a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong, mme a ba kgalemela ka ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba ne ba sa dumele ba mmoneng ha a se a tsohile bafung.


Yare ha Jesu a lemoha kapele moyeng wa hae hore ba ne ba nahana jwalo ka dipelong tsa bona, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le nahana dintho tsee ka dipelong tsa lona?


Yare ha a ba tadima ka nqa tsohle ka kgalefo, a swabiswa ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho monna eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme letsoho la hae la fola, la ba jwaloka le leng.


Hobane ba ne ba sa ka ba lemoha mohlolo wa mahobe, kahobane dipelo tsa bona di ne di thatafetse.


Yaba ba eletsana, ba re: Ke hobane ha re na mahobe.


Yaba o re ho bona: “Oho, mahlanya, le dipelo tse diehang ho dumela tsohle tse boletsweng ke baporofeta!


Jwale re a tseba hore o tseba dintho tsohle, mme ha o hloke hore motho a o botse;


A re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke ha a itse ho yena la boraro, a re: O a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o a tseba hobane ke a o rata. Jesu a re ho yena: Fepa dinku tsa ka.


Bana ba hae ke tla ba bolaya ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ke tla nea e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ