Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 5:7 - Baasraak Sotho NT

7 A howa ka lentswe le leholo, a re: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke o hlapantsha ka Modimo, hore o se ke wa ntlhokofatsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A ntoo howa ka lentswe le leholo, a re: Taba ya ka le wena keng, Jesu, Mora Modimo o moholoholo? Ke o antsha ka Modimo, hore o se ke wa ntlhokofatsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 A howa ka lentswe le phahameng, a re: “O nkene kang, Jesu, Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke o rapela ka lebitso la Modimo hore o se ke wa ntlhokofatsa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 A howa ka lentswe le leholo, a re: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke o hlapantsha ka Modimo, hore o se ke wa ntlhokofatsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 5:7
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Simone Petrose a araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.


Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo.


Mme moleki a tla ho yena, a re: Ha o le Mora wa Modimo, laela majwe ana hore e be bohobe.


Mme bonang, ba howa, ba re: Re na le taba efe le wena, Mora Modimo? A o tlile kwano ho tla re hlokofatsa pele ho nako?


ba re: “Re tlohele; re na le taba efe le wena, Jesu wa Nasaretha? Na u tlile ho re felisa na? Kea u tseba hore na u mang, u Mohalaleli oa Molimo.


Empa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e Moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokwang?


Le meya e ditshila, ha e mmona, e ne e itihela fatshe pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.


Empa ha a bona Jesu a le hole, a matha, a mo kgumamela.


Hobane o itse ho yena: Tswa mothong eo, moya o ditshila.


O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo, mme Morena Modimo o tla mo nea terone ya ntatae Davida.


ba re: “Re tlohele; re na le taba efe le wena, Jesu wa Nasaretha? Na u tlile ho re felisa na? Ke a o tseba seo o leng sona; Moitshepi wa Modimo.


Empa ratang dira tsa lona, le etse hantle, mme le adime le sa tshepe letho; mme moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo;


Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le phahameng: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo ya hodimodimo? Kea u kopa, u se ke ua ntlhorisa.


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.


Yena a latela Pauluse le rona, a ntse a howeletsa, a re: Batho bana ke bahlanka ba Modimo o hodimodimo, ba re bolellang tsela ya poloko.


Jwale Bajuda ba bang ba lelekang meya e mebe, ba sollang hohle, ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba kenweng ke meya e mebe, ba re: “Re a le laela ka Jesu eo Pauluse a mo bolelang.


Yare ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme leqhalaha la re: Bona, metsi ke ana; se nthibelang ho kolobetswa keng?


Modimo wa kgotso o tla phakisa o pshatle Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen.


Ka baka leo, erekaha bana ba na le kabelo mading le nama, le yena ka ho tshwanang o na le kabelo ho tsona; e le hore ka lefu a ka timetsa ea neng a e-na le matla a lefu, ke hore, Diabolose;


Hobane Melkisedeke eo, morena wa Saleme, le moprista wa Modimo o hodimodimo, ya neng a kgahlanyetsa Abrahama, ha a ne a etswa polaong ya marena, a mo hlohonolofatsa;


O dumela hore Modimo o mong; o etsa hantle: le bona batemona ba dumela, mme ba thothomela.


Hobane ekare ha Modimo o sa ka wa qenehela mangeloi a entseng sebe, wa mpa wa a dihela diheleng, wa a neela mahlaahlela a lefifi, hore a bolokelwe kahlolo;


Yo o dirang boleo ke wa ga Diabolo; hobane Diabolose o ntse a etsa sebe ho tloha qalong. Mora Modimo o bonahaditswe ka morero ona, e le hore a senye mesebetsi ya Diabolose.


Le mangeloi a sa kang a boloka boemo ba wona ba pele, a mpa a tlohile tulong tsa wona, o a bolokile ditlamong tse sa feleng lefifing, ho isa kahlolo ya letsatsi le leholo.


Ka baka leo, thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng! hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, kahobane a tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ