Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 6:47 - Baasraak Sotho NT

47 E mong le e mong ya tlang ho nna, a utlwa dipolelo tsa ka, mme a di etsa, ke tla le bontsha eo a tshwanang le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 E mong le e mong ya tlang ho nna, ya utlwang dipolelo tsa ka, mme a di etsa, ke tla le lekanyetsa eo a tshwanang le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

47 Mang le mang ya tlang ho nna, a utlwa dipolelo tsa ka, a di phetha, ke tla le bontsha hore na o tshwana le mang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 E mong le e mong ya tlang ho nna, a utlwa dipolelo tsa ka, mme a di etsa, ke tla le bontsha eo a tshwanang le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 6:47
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane e mong le e mong ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena ngwaneso, le kgaitsedi ya ka, le mme.


A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.


Empa yena a re: E, empa ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le boloka.


Ekare ha motho a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana, le banababo, le dikgaitsedi, le bophelo ba hae, a ke ke a ba morutuwa wa ka.


O jwaloka motho ya hahileng ntlo, mme a tjheka botebong, mme a thea motheo hodima lefika;


Ba lefikeng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo; mme bana ha ba na motso, ba dumelang ka nakwana, mme mohla moleko ba wa.


Tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa mela, tsa beha ditholwana ha lekgolo. Eitse hobane a bolele taba tseo, a howa, a re: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe!


Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.


Haeba le tseba dintho tsena, le a thaba ha le di etsa.


Haeba le a nthata, le boloke ditaelo tsa ka.


Mme ha le rate ho tla ho nna, hore le tle le be le bophelo.


Jesu a re ho bona: Ke nna bohobe ba bophelo; mme ya dumelang ho nna a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong.


Bohle bao Ntate a nneyang bona ba tla tla ho nna; mme ya tlang ho nna nke ke ka mo leleka.


Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le modemona. Abrahama o shoele, le baprofeta; mme wena wa re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.


Mme eitse hobane a phethehe, a etswa moqapi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang;


Ka baka leo, ho ya tsebang ho etsa botle, mme a sa bo etse, ho yena ke sebe.


Ho tla ho yena, jwalokaha ho tlile lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, la bohlokwa.


Ka baka leo, banabeso, itekeng ka ho fetisisa ho tiisa pitso le kgetho ya lona;


Haeba le tseba hore o lokile, le tsebe hore e mong le e mong ya etsang ho loka o tswetswe ke yena.


Bana, le se ke la thetswa ke motho; ya etsang ho loka o lokile, jwalokaha le yena a lokile.


Ho lehlohonolo ba etsang melao ya wona, hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ho kena motseng ka dikgoro.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ