Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 22:52 - Baasraak Sotho NT

52 Yaba Jesu o re ho baprista ba baholo, le balaodi ba Tempele, le baholo ba tlileng ho yena: “Na le tlile ka disabole le melamu, jwalokaha eka le futuhetse leshodu?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

52 Yaba Jesu o bolella baprista ba baholo, le balaodi ba tempele, le baholo ba tlileng ho mo tshwara, a re: Le tlile ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka le batla leshodu!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

52 Jwale Jesu a re ho baprista ba baholo le balaodi ba Tempele ba tlileng ho mo tshwara: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ka disabole le dikoto tjee?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

52 Yaba Jesu o re ho baprista ba baholo, le balaodi ba Tempele, le baholo ba tlileng ho yena: “Na le tlile ka disabole le melamu, jwalokaha eka le futuhetse leshodu?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 22:52
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re a sa bua, ha fihla Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le letshwele le leholo le tshwereng disabole le melamu, le tswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.


Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: Le tsoile ka disabole le melamu, jwaloka hoja le tsoetse leshodu ho ntshwara? Ke ne ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara.


Hobane ke re ho lona: Se ngodilweng e sa ntse e tla phetheha ho nna, ha ho thwe: O badilwe le bakgopo;


Yaba o a ikela, a ya bua le baprista ba baholo le balaodi ba sekete, kamoo a ka ba ekelang bona kateng.


Jesu a araba a re: “Lesang ho fihlela jwale. Mme a ama tsebe ya hae, mme a mo fodisa.


Ha ke ne ke ena le lona ka tsatsi le leng le le leng ka Tempeleng, ha le a ka la nkenya matsoho, empa ena ke nako ya lona, le matla a lefifi.


Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka ba boloka ka lebitso la hao, bao o nneileng bona; hore Lengolo le tle le etsahale.


Jwale molaodi wa sekete a ya le bahlanka, ba ba tlisa, e se ka matla, hobane ba ne ba tshaba setjhaba, esere ba tlepetswa ka majwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ