Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 16:17 - Baasraak Sotho NT

17 Ho bonolo hore lehodimo le lefatshe di fete, ho ena le hore tlhaku e le nngwe ya Molao e hlolehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ho bonolo ha ho ka feta lehodimo le lefatshe, ho ena le hore ho wele fatshe hlaku ya molao, leha e ka ba nngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ho bonolo hore lehodimo le lefatshe di fele, ho ena le hore letshwaonyana leha le ka ba leng la Molao le hloke matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ho bonolo hore lehodimo le lefatshe di fete, ho ena le hore tlhaku e le nngwe ya Molao e hlolehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 16:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kannete ke re ho lona: Ho fihlela lehodimo le lefatshe di feta, tlhaku e le nngwe kapa tlhaku e le nngwe ya Molao ha di ka ke tsa feta, ho eso ho etsahale tsohle.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta.


Jwale na re fedisa molao ka tumelo? Ho se ke ha eba jwalo: e, re tiisa molao.


Empa lentswe la Morena le hlola ka ho sa feleng. Ke lona lentswe le boletsweng ka Evangeli.


Empa letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu; ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le leholo, mme metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona e tla tjha.


Ka bona terone e kgolo e tshweu, le ya dutseng hodima yona, eo lefatshe le lehodimo di ileng tsa baleha sefahleho sa hae; mme ha se ke ha fumanwa sebaka bakeng sa bona.


Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile; mme lewatle le ne le se le le siyo.


Mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko: hobane tsa pele di fetile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ