Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 12:42 - Baasraak Sotho NT

42 Morena a re: Ha ho le jwalo, ke mang motsamaisi ya tshepahalang, ya bohlale, eo morena wa hae a tla mmea hore a okamele ba ntlo ya hae, ho ba nea kabelo ya bona ya dijo ka nako e loketseng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

42 Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 Morena a re: Ha ho le jwalo, ke mang motsamaisi ya tshepahalang, ya bohlale, eo morena wa hae a tla mmea hore a okamele ba ntlo ya hae, ho ba nea kabelo ya bona ya dijo ka nako e loketseng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 12:42
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao ya rupetsweng mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ntshang letlotlong la hae dintho tse ntjha le tsa kgale.


Eitse ha e se e le mantsiboya, monga tshimo ya merara a re ho molebedi wa hae: Bitsa basebetsi, o ba nee moputso wa bona, o qale ka ba morao ho isa ho ba pele.


Ho lehlohonolo mohlanka eo, ha morena wa hae a fihla, a tla mo fumana a etsa jwalo.


Eitse ha Morena a mmona, a mo utlwela bohloko, a re ho yena: Se lle.


Jwale Johanne a bitsa barutuwa ba hae ba babedi, a ba roma ho Jesu, ba re: “Na ke wena ya tlang ho tla? kapa re batla e mong?


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Empa ha nka dieha, o tle o tsebe kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Baholo ba busang hantle a ba balwe ba lokelwa ke hlompho e menahaneng habedi, haholo ba sebetsang ka thata lentsweng le thutong.


U bolele lentsoe; o phakise ka nako, leha e sa tshwanele; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka thuto.


Hobane bishopo o tshwanetse ho hloka sekodi, jwaloka ha e le motsamaisi wa Modimo; e se moithati, e se ya halefang kapele, e se monwi, e se mohlabaphi, e se motho ya ratang leruo le ditshila;


Utlwang ba le busang, mme le ipee ka tlase ho lona;


Hopolang ba le busang, ba le boleletseng lentswe la Modimo;


Moshe o ne a tshepeha ka tlung yohle ya hae jwaloka mohlanka, e le bopaki ba tse neng di tla bolelwa;


E mong le e mong a sebeletse e mong ka neo eo a e abetsweng, jwaloka balebedi ba molemo ba mehauhelo e mengata ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ